1 Bakorinthe 9:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) E be ekasita ke se moapostola ho ba bang, ho lona ke yena; hobane ke lona le leng letshwao la boapostola ba ka Moreneng. BIBELE Leha ho ba bang ke se moapostola, ho lona bonyane ke yena, hobane ho Morena bopaki bo tiisang hore ke moapostola ke lona ka sebele. Baasraak Sotho NT Leha ke se moapostola ho ba bang, ho lona ruri ke yena; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Leha ke se moapostola ho ba bang, ho lona ruri ke yena; |
Se sebeletseng dijo tse felang, empa le sebeletse dijo tse tla ba teng le bophelong bo sa feleng, tseo le tla di fuwa ke Mora motho: hobane ke yena eo Ntate, e leng Modimo, a mo tshwaileng.
hore a nke kabelo ya tshebeletso ena le ya boapostola bona Judase a bo kgelohileng ho ya sebakeng seo e leng sa hae.
Ruri, haele dipontsho tsa baopostola ba ka, di sebeditswe ka matla hara lona, ka mamello yohle, ka dipontsho, ka meeka, le ka mehlolo.