Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 9:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ana ha ke a lokoloha na? Ha ke moapostola na? Ha ke a ka ka bona Morena wa rona Jesu Kreste na? Ha le mosebetsi wa ka Moreneng na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Na ha ke motho ya lokolohileng? Na ha ke moapostola? Ana ha ke a ka ka bona Jesu, Morena wa rona? Na lona ha le tholwana ya mosebetsi wa ka ho Morena?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Na ha ke moapostola? Na ha kea lokoloha? Na ha ke eso bone Jesu Kreste, Morena wa rona? A ga se lona tiro ya me mo Moreneng?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Na ha ke moapostola? Na ha kea lokoloha? Na ha ke eso bone Jesu Kreste, Morena wa rona? A ga se lona tiro ya me mo Moreneng?

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 9:1
37 Referencias Cruzadas  

Ha ba ntse ba sebeletsa Morena, ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: Nkgetheleng Barnabase le Saule, ba ye mosebetsing oo ke ba bileditseng wona.


Empa baapostola, Barnabase le Pauluse, yare ha ba utlwa hoo, ba hahola diaparo tsa bona, mme ba ikakgela hara batho, ba ntse ba howa,


Yaba bongata ba motse jwa kgaohana, ba bang ba emetse Bajuda, ba bang ba emetse baapostola.


Bosiung bo hlahlamang, Morena a ipontsha ho yena, a re: Tiisa matla, Pauluse, hobane jwalokaha o pakile taba tsa ka Jerusalema, e ka kgona o di pake jwalo le Roma.


Empa Morena a re ho yena: Eya, hobane eo ke lefiso leo ke ikgethetseng lona, ho isa lebitso la ka ho baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele;


Yaba Ananiase o ya, a kena ka tlung, a mmea matsoho, a re: Saule, ngwaneso, Morena o nthomile, yena Jesu ya ipontshitseng ho wena tseleng eo o tlileng ka yona, hore o boele o bone, le hore o tlale Moya o Halalelang.


A re a sa ya, a se a atametse Damaseka, a tshoha lesedi le tswang lehodimong le mo teela hare.


A re: O mang, Morena? Morena a re: Ke nna Jesu, eo o mo hlorisang; ho thata ho wena ho raha ditsenene.


Ke le Pauluse, mohlanka wa Jesu Kreste, ya bitsitsweng ho ba moapostola, ya kgethetsweng Evangeli ya Modimo,


eo re filweng ka yena mohau le boapostola, hore ditjhabeng tsohle ho be ba utlwang ka ho dumela lebitso la hae;


Ke bolella lona baditjhaba, kahobane ke le moapostola wa baditjhaba, mme ke rorisa kabelo ya ka;


Ke le Pauluse, ya bitsitsweng ho ba moapostola wa Jesu Kreste, ka ho rata ha Modimo, ke ena le Sosthene, ngwaneso,


Mme ha ke bolela letswalo, hase la hao, empa e le la e mong; hobane ho se tshabe ha ka ho ka tsuwa jwang ke letswalo la e mong?


Mme ekare ha ke eja ka teboho, nka nyatsuwa jwang hodima seo ke lebohileng ka baka la sona?


Empa ekare ha motho a rata kgang, rona ha re na mokgwa oo, le tsona dikereke tsa Modimo ha di na wona.


Nna, ke hlomile, Apolose yena o noseditse, empa Modimo ke wona o medisitseng.


Hobane leha ke le ya sa ruwang ke motho, ke ikentse mohlanka wa bohle, ke tle ke rue ba bangata.


Na le tadima tshobotsi na? Ekare ha e mong a itshepetse hoba ke wa Kreste, a ke a hopole hape hobane, jwalokaha yena e le wa Kreste, le rona re ba Kreste.


Empa ke lekanya hoba ha ke a ka ka fetiswa ka letho, leha le le leng, ke baapostola ba fetisang ka boholo.


Jwale, kahobane re le ba sebedisanang le Modimo, re a le kgothatsa hore le se ke la ba ba nketseng mohau wa Modimo lefeela.


Ke le Pauluse, moapostola, e seng ka batho, leha e le ka motho, empa e le ka Jesu Kreste, le ka Modimo Ntate, o mo tsositseng bafung;


Emang ke hona tokolohong eo Kreste a re lokolotseng ka yona, mme le se ke la boela la bofjwa jokong ya bohlanka.


Le hona ha re a ka ra batla poko ho batho, leha e le ho lona, leha e le ho ba bang; leha re ne re lokela ho ipea boholo, kahobane re baapostola ba Kreste.


boo ke beilweng mmoledi le moapostola ka baka la jona — ke bolela nnete ka Kreste, ha ke etse leshano — le moruti wa baditjhaba ho ba isa tumelong le nneteng.


eo ke beilweng mmoledi le moapostola wa yona, le moruti wa ditjhaba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos