La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Bakorinthe 4:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Athe ha ke lekanya, ho jwaloka hoja Modimo o re beile morao, rona baapostola, ka mokgwa wa ba rerilweng ho bolawa; hobane re pepesitswe pela lefatshe, le pela mangeloi, le pela batho.

Ver Capítulo

BIBELE

Ke bona e ka rona baapostola, Modimo o re entse ba ho qetela, jwaloka ba ahloletsweng lefu. Re fetohile sebonwang-se-bonwa-ke-bohle ho lefatshe, ho mangeloi le ho batho.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Hobane ke re, rona baapostola Modimo o re beile morao jwaloka ba kgethetsweng lefu;

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Hobane ke re, rona baapostola Modimo o re beile morao jwaloka ba kgethetsweng lefu;

Ver Capítulo



1 Bakorinthe 4:9
21 Referencias Cruzadas  

Empa feela, re bolawa ka baka la hao ka matsatsi wohle, re lekantswe le dinku tse hlajwang.


Ho ba bangata ke ka mohlolo; empa wena o setshabelo sa ka se matla.


Ke ne ke tswelang popelong, hore ke tle ke bone ho kgathala le ho swaba? Hobane ditshiu tsa ka di ye di fete ka dihlong.


Motse kaofela wa ba wa tlala moferefere; ba phallela theatereng hammoho hobane ba tshware Gaiuse le Aristarke, banna ba Masedonia, balekane ba Pauluse.


Le ba baholo ba bang ba Asia, bao e leng metswalle ya hae, ba romela ho yena, ba rapela hore a se ke a hlaha theatereng.


jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Re bolawa letsatsi lohle ka baka la hao; re lekantswe le dinku tse hlajwang?


Ha re tshepile Kreste bophelong bona feela, re fetisa batho bohle ka soto.


Na ke bahlanka ba Kreste? — ke bua ka bowatla — teng, ke a ba fetisa; ke ba fetisa ka mesebetsi, le ka mabote haholo, le ka diteronko; ke bile lefung hangata;


jwaloka hoja re le bathetsi, athe re ba nnete; jwaloka hoja re le ba sa tsejweng, athe re a tsejwa; jwaloka hoja re a shwa, athe re a phela; jwaloka hoja re a lauwa, empa ha re bolawe;


ho tle ho se ke ha eba ya sisinngwang ke dihloriso tseo; athe le fela le tseba hobane re abetswe tsona.


Na kaofela ha wona hase meya e sebeletsang, e rongwang ho sebeletsa ba tlang ho rua lefa la poloko na?


Ka nqa e nngwe, la hoboswa pepeneneng ka mahlapa le ka dihloriso, mme ka nqa e nngwe la ba balekane ba ba etswang tse jwalo.


Ba bang ba tshwenyehile ka ditshomo, le ka ho shapuwa, le ka ditlamo, le ka diteronko.