Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 6:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 jwaloka hoja re le bathetsi, athe re ba nnete; jwaloka hoja re le ba sa tsejweng, athe re a tsejwa; jwaloka hoja re a shwa, athe re a phela; jwaloka hoja re a lauwa, empa ha re bolawe;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 re le ba sa tsejweng, empa re tsejwa hantle; re le ba shwang, empa bonang re a phela; re le ba kgalemelwang ka ho shapuwa, empa re sa bolawe;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 jwaloka ba sa tsejweng, athe ba tsejwang; jwaloka ba shwang, mme, bonang, re a phela; jwaloka hoja re lauwa, mme re sa bolawe;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 jwaloka ba sa tsejweng, athe ba tsejwang; jwaloka ba shwang, mme, bonang, re a phela; jwaloka hoja re lauwa, mme re sa bolawe;

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 6:9
18 Referencias Cruzadas  

Yaba bafilosofe ba bang ba Baepikure le ba Bastoike ba fetolana le yena; ba bang ba ne ba re: Na mobuabui eo o reng? ba bang ba re: Eka o bolela medimo esele. E ne e le ka baka la hobane a ne a ba bolella Jesu le tsoho ya bafu.


Le a bona, le a utlwa, hoba Pauluse eo o se a kgodisitse batho ba bangata, e seng Efese feela, e batla ho ba Asia kaofela; o bile o ba kgelositse ka ho re, medimo e etswang ka matsoho hase medimo.


Ba mpa ba mo qosa ka ditaba tse ding tsa tumelo ya bona feela, le tsa e mong ya shweleng, ya bitswang Jesu, eo Pauluse a neng a tiisa hore o a phela.


Empa ke sa hlokile taba e tiileng, eo nka e ngollang morena; ke ka baka leo ke mo tlisitseng pela lona, haholoholo pela hao, morena Agripa, hore ha ho se ho botsisitswe taba ya hae, ke tsebe seo nka se ngolang bakeng sa hae.


ka matla a mehlolo le a meeka, le ka matla a Moya wa Modimo; ke bile ka hasa Evangeli ya Kreste, ho qala ka Jerusalema le mathoko a yona ho ya qetella ka Iliria.


jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Re bolawa letsatsi lohle ka baka la hao; re lekantswe le dinku tse hlajwang?


Empa ha re ahlolwa, re lauwa ke Morena, re tle re se ke ra tsuwa le lefatshe.


Ke shwa ka matsatsi wohle; ke omela jwalo ka sebaka sa ho ithorisa seo ke nang le sona ka lona ho Jesu Kreste, Morena wa rona.


Athe ha ke lekanya, ho jwaloka hoja Modimo o re beile morao, rona baapostola, ka mokgwa wa ba rerilweng ho bolawa; hobane re pepesitswe pela lefatshe, le pela mangeloi, le pela batho.


Ekare ha ke le sethoto ka puo, ka tsebo ha ke sona; empa re itsebahaditse hara lona ka nqa tsohle le ka ntho tsohle.


Empa re lahlile dintho tse patwang tse dihlong; mme ha re tsamaye ka mano, ha re tswakanye lentswe la Modimo, empa ka ho hlahisa nnete, re iketsetsa kemelo matswalong a batho bohle pela Modimo.


Jwale, ka baka la ho tseba botshabeho ba Morena, re qhopheletse batho ho dumela, mme re tsejwa ke Modimo, hape ke tshepile hoba re tsejwa le matswalong a lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos