La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Bakorinthe 4:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Hobane ha ke ikutlwe letho la molato; leha ho le jwalo, ha ke a bewa ya lokileng ke hona, empa ya nkahlolang ke Morena.

Ver Capítulo

BIBELE

Ha ke ipone molato wa letho, empa hona ha ho bolele hore ha ke na molato. Ya nkahlolang ke Morena.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Hobane ha ke tsebe letho ka bonna; leha ho le jwalo ha ke a bewa ya lokileng ka hona: empa ya nkahlolang ke Jehova.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Hobane ha ke tsebe letho ka bonna; leha ho le jwalo ha ke a bewa ya lokileng ka hona: empa ya nkahlolang ke Jehova.

Ver Capítulo



1 Bakorinthe 4:4
24 Referencias Cruzadas  

Motho keng, hore a hlweke, le ya tswetsweng ke mosadi keng, hore a loke?


Le jwale, motho a ka loka jwang pela Modimo? Ngwana wa mosadi a ka hlweka jwang na?


Ke itshwareletse ka ho loka ha ka, nke ke ka ho latola; pelo ya ka ha e nkahlole hodima matsatsi a ho phela ha ka leha le le leng.


Bona ke motho feela, nka reng ho wena na? Ke bea letsoho la ka molomong.


Leha ekaba taba ya ka e lokile, molomo wa ka o tshwanela ho ntswa; ha ekaba ha ke na molato, o tla mpona ke le molotsana.


Jehova, ha o ka lotolotsa makgopo, ke mang ya ka emang pela hao, Morena?


o se ke wa isana nyeweng le mohlanka wa hao, hobane ha ho motho ho ba phelang ya ka fumanwang a lokile pela hao.


Ke mang ya ka lemohang diphoso tsa hae kaofela? O ntshwarele tse nkgakileng!


Leoto la ka le tiya tseleng e lokileng. Ke tla roka Jehova diphuthehong.


Mme mahodimo a tla bolela ho loka ha wona, hobane Modimo ke wona o tla ahlola. (Sela.)


Tsela tsa motho kaofela di lokile mahlong a hae, empa Jehova ke yena ya lekanyang dipelo.


Ba bangata ba batla tjhadimo ya mmusisi; empa kahlolo ya motho e tswa ho Jehova.


A ba a re ho yena la boraro: Simone, mora Jona, a o a nthata na? Petrose a swaba ke hobane a bile a mmotsa la boraro, a re: A o a nthata na? A re ho yena: Morena, o tseba tsohle; o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Alosa dinku tsa ka.


Pauluse a hlaba ba lekgotla ka mahlo, a re: Banna ba heso, ke tsamaile ka letswalo le letle kahohle pela Modimo, ho fihlela tsatsi lena.


Hobane ba utlwang molao, hase bona ba lokileng pela Modimo, empa ba phethang molao ke bona ba tla bewa ba lokileng;


Hobane ha re ka re, Abrahama o beilwe ya lokileng ka mesebetsi, o na le sebaka sa ho ithorisa; empa ha a na sona pela Modimo.


Mme haele ka nna, e ka ba nthwana e nyenyane ho ahlolwa ke lona, leha e le ka kahlolo ya batho; esita e le nna, ha ke ikahlole.


Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.


Hobane thoriso ya rona ke ho emelwa ke letswalo la rona, hoba re tsamaile lefatsheng, haholoholo hara lona, ke pelo e hlokang mano le ka nnete ya Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e leng ka mohau wa Modimo.


Hobane e ka kgona re hlahe bohle pela setulo sa kahlolo sa Kreste, hore e mong le e mong a tle a nke ho lekanang seo a se entseng ha a sa le mmeleng, leha e le se setle, leha e le se sebe.