Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 27:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ke itshwareletse ka ho loka ha ka, nke ke ka ho latola; pelo ya ka ha e nkahlole hodima matsatsi a ho phela ha ka leha le le leng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 “Ho loka ha ka ke boshwa-bo-tshwerwe, ha ke ntse ke phela tswalo le ke ke la nkgwebetha.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 27:6
16 Referencias Cruzadas  

Bonang, ke hlomahantse taba ya ka, ke tseba hobane ke tla bewa ya lokileng.


Leha ho le jwalo, ya lokileng o tiisetsa tseleng ya hae, ya nang le matsoho a masweu o eketsa ho ipha matla.


Jehova a re ho Satane: Na o lemohile Jobo, mohlanka wa ka, na? Hobane ha ho ya jwaloka yena lefatsheng, ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe; o sa tiiseditse tokeng ya hae, leha o ntlhohlelleditse ho mo etsa hampe feela.


Eo e leng sera ho nna a ke a be jwaloka molotsana, ya ntwantshang a tshwane le ya kgopo!


ke ne ke ikapesa ka ho loka, mme ho ne ho nkwahela; toka e ne e le kobo ya ka le moqhaka wa ka;


[Modimo o ke o ntekanye ka sekala sa ho loka, mme o tla fihlela hoba ha ke na molato]


ha ekaba mehato ya ka e kgelohile tsela ya wona, kapa pelo ya ka ha e lateletse takatso ya mahlo a ka, ditshila tsa ba tsa kgomarela matsoho a ka;


Jwale, banna bao ba bararo ba lesa ho fetola Jobo, hobane e ne e le ya lokileng mahlong a hae.


Yaba ho tuka bohale ba Elihu, mora wa Barakeele, wa Buse, wa ntlo ya Rame; bohale ba hae ba tukela Jobo, hobane a ipeile ya lokileng ho fetisa Modimo;


Na o fela o rata ho senya kahlolo ya ka? O rata ho ntswa hore o itokafatse na?


Kgutlang hle! ho sa lokang ho be siyo! Kgutlang, taba ya ka e sa lokile le jwale.


Tshwara tayo ka matla, o se ke wa e lesa ya phonyoha, o e boloke, hobane ke bophelo ho wena.


Ke ka baka leo ke tiisang matla kamehla hore ke be le letswalo le sa nnyatseng pela Modimo le pela batho.


Ha ke ithorisitse, ke fetohile lewatla, ke lona le ntshusumeleditseng teng; hobane ke ne ke tshwanelwa ke ho emelwa ke lona, hobane ha ke a ka ka fetiswa ka letho, leha le le leng, ke baapostola ba fetisang ka boholo, leha ke se eng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos