leha ho le jwalo, o nne o tsebe hoba Modimo o tla o ahlola ka tseo tsohle. Suthisa maswabi pela pelo ya hao, o bee bolotsana hole le mmele wa hao; hobane bongwana le botjha ke lefeela!
1 Bakorinthe 13:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ke ne ke le ngwana, ke ne ke bua jwaloka ngwana, ke ne ke hopola jwaloka ngwana, ke ne ke lekanya jwaloka ngwana; mohla ke fetohileng monna, ke lahlile tsa bongwana. BIBELE Ha ke ne ke sa le ngwana, ke ne ke bua jwaloka ngwana, ke hopola jwaloka ngwana, ke nahana jwaloka ngwana, empa ha ke se ke le monna, ke tlohetse tsa bongwana. Baasraak Sotho NT Ha ke ne ke le ngwana, ke ne ke bua jwaloka ngwana, ke utlwisisa jwaloka ngwana, ke nahana jwaloka ngwana; empa ha ke se ke le monna, ke lahlile tsa bongoana. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha ke ne ke le ngwana, ke ne ke bua jwaloka ngwana, ke utlwisisa jwaloka ngwana, ke nahana jwaloka ngwana; empa ha ke se ke le monna, ke lahlile tsa bongoana. |
leha ho le jwalo, o nne o tsebe hoba Modimo o tla o ahlola ka tseo tsohle. Suthisa maswabi pela pelo ya hao, o bee bolotsana hole le mmele wa hao; hobane bongwana le botjha ke lefeela!
Efela jwale, re bona ka seipone, ka lerotho; mohlang oo, re tla senola, difahleho di tadimane; jwale, ke tseba ka nqa e le nngwe feela; mohlang oo, ke tla tseba jwalokaha ke tsebilwe le nna.
Banabeso, le se ke la ba bana hlalefong, le mpe le be bana lonyeng; mme haele hlalefong, le be banna.
Hape ke re: Ha mojalefa e sa le ngwana, ha ho kamoo a sa tshwaneng le mohlanka kateng, leha e le yena monga ntho tsohle;
Haele Samuele, o ne a eso ho tsebe Jehova, le lentswe la Jehova o ne a eso ho senolelwe lona.