1 Bakorinthe 1:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke ka hona le sa hlokeng mpho ya mohau leha e le nngwe, lona bao le lebeletseng ponahatso ya Morena wa rona Jesu Kreste; BIBELE ha le sa haellwa ke neo efe kapa efe, ha le ntse le lebeletse hore Morena wa rona Jesu Kreste a bonahatswe. Baasraak Sotho NT E le hore le se ke la hloloheloa neo leha e le efe; re lebeletse ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 E le hore le se ke la hloloheloa neo leha e le efe; re lebeletse ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste. |
Mohlang oo, mmuso wa lehodimo o tla tshwana le barwetsana ba leshome ba nkileng dilampi tsa bona, ba tswile ho kgahlanyetsa monyadi.
Le lona le be jwaloka batho ba lebeletseng morena wa bona hore na o tla kgutla neneng bohading, hore, etlere ha a fihla, a kokota, ba mmulele hanghang.
Hobane tse bopilweng kaofela di lebeletse ponahalo ya bana ba Modimo ka hlolohelo e kgolo.
Mme hase tsona di nnotshi, empa le rona re nang le dithakangwaha tsa Moya, e, le rona re fehelwa kahare ho rona, re lebeletse ho bewa bana, e leng topollo ya mmele ya rona.
Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.
Ana le kile la fetiswa ka eng ke dikereke tse ding, haese kahobane ke sa ka ka le etsetsa boima? Le nkgauhele tshitong eo.
Empa wa rona motse o mahodimong, e leng oo hape re lebeletseng ho kgutla teng ha Mmoloki Jesu Kreste, Morena;
Mme Kreste, e leng bophelo ba lona, mohla a hlahang, le lona le tla hlaha le yena kganyeng.
le ho lebella Mora wa wona mahodimong, eo o mo tsositseng bafung, e leng Jesu ya re loetseng bohaleng bo tlang.
mme lona ba tshwenngwang, le etsetswe phomolo le rona, mohla Morena Jesu a bonahalang a etswa lehodimong, le mangeloi a matla a hae,
Ho setseng e se e le ho amohela moqhaka wa ho loka oo ke o behetsweng, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho nnea wona ka letsatsi lela, e seng nna feela, le bohle ba ratileng ho tla ha hae.
re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ho hlaha ha kganya ya Modimo o moholo, Jesu Kreste, Mmoloki wa rona;
ka mokgwa o jwalo, le yena Kreste, ha a setse a ikentse pheko hang ho jara dibe tsa ba bangata, o tla bonwa la bobedi, a se na sebe, ke ba mo lebeletseng hore a ba pholose.
Jwale he lona, itlameng matheka a dikelello tsa lona, le phele ka boitshwaro, le lete ka tshepo e tiyang mohau oo le tla o tlisetswa mohla Jesu Kreste a hlahang.
empa erekaha le nkile kabelo mahlomoleng a Kreste, thabang hore, mohla kganya ya hae e bonahalang, le tle le thabe ka nyakallo e fetisisang.
le ntse le lebeletse, mme le akofisa ho tla ha letsatsi la Modimo, leo mahodimo a tla fediswa ke ho tjha ka lona, mme metheo e tla qhibidiha ke ho tjha!
Baratuwa, jwale re bana ba Modimo, mme seo re tla ba sona ha se eso ho bonahatswe; empa re a tseba hobane, mohla se bonahatswang, re tla tshwana le wona; hobane re tla o bona kamoo o leng kateng.
le ipoloke leratong la Modimo, le ntse le lebeletse mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hore le fuwe bophelo bo sa feleng.