Haele bona, ba tloha, ba ya bolela Evangeli kahohle, Morena a ntse a sebetsa le bona, a tiisa lentswe ka mehlolo o le felehetsang.]
1 Bakorinthe 1:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) kamoo bopaki ba Jesu Kreste bo tiisitsweng kateng, ka ho lona. BIBELE Kamoo bopaki bo pakang Kreste bo seng bo tiisitswe kateng ka ho lona, Baasraak Sotho NT Jwalokaha bopaki ba Kreste bo tiisitswe ho lona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwalokaha bopaki ba Kreste bo tiisitswe ho lona. |
Haele bona, ba tloha, ba ya bolela Evangeli kahohle, Morena a ntse a sebetsa le bona, a tiisa lentswe ka mehlolo o le felehetsang.]
Mme Modimo ha o ba file neo e jwaloka eo o re neileng yona, rona ba dumetseng ho Morena Jesu Kreste, nna, ke ne ke le mang hore ke hane ho Modimo?
Letsoho la Morena la eba le bona, mme batho ba bangata ba dumela, ba sokolohela ho Morena.
Eitse ha Silase le Timothea ba fihla ba etswa Masedonia, Pauluse a ineela ho ruta ka pelo ya hae yohle, a pakela Bajuda hore Jesu ke Kreste.
ke ntse ke kgothaletsa Bajuda le Bagerike ho sokolohela ho Modimo, le ho dumela ho Jesu Kreste, Morena wa rona.
Empa ha ke re letho ka tsona, le bophelo ba kaha ke bo hlokomele, ke re, ke mpe ke qete leeto la ka ka thabo, le tshebetso eo ke e laetsweng ke Morena Jesu, e leng ho tiisa Evangeli ya mohau wa Modimo.
Ka bona Morena a mpolella, a re: Phakisa o tlohe Jerusalema kapele; hobane ba ke ke ba amohela polelo eo o mpolelang ka yona.
Bosiung bo hlahlamang, Morena a ipontsha ho yena, a re: Tiisa matla, Pauluse, hobane jwalokaha o pakile taba tsa ka Jerusalema, e ka kgona o di pake jwalo le Roma.
Eitse hobane ba mmeele letsatsi, ba tla ho yena ba le bangata moo a dutseng teng, mme a ba bolella, a paka tsa mmuso wa Modimo ho bona, a leka ho ba kgodisa bakeng sa Jesu, a isa ka molao wa Moshe le baporofeta, a qala hosasa ho fihlela mantsiboya.
ka matla a mehlolo le a meeka, le ka matla a Moya wa Modimo; ke bile ka hasa Evangeli ya Kreste, ho qala ka Jerusalema le mathoko a yona ho ya qetella ka Iliria.
Ruri, haele dipontsho tsa baopostola ba ka, di sebeditswe ka matla hara lona, ka mamello yohle, ka dipontsho, ka meeka, le ka mehlolo.
Ya le fang Moya, ya etsang mehlolo hara lona, na o e etsa ka mesebetsi ya molao, kapa a ke ka polelo ya tumelo na?
ha a etla ho tlotliswa mohlang oo bahalaleding ba hae, le ho etswa ya makatsang ka bohle ba dumetseng; hobane bopaki ba rona hara lona bo amohetswe.
Ka baka leo, o se ke wa hlajwa ke dihlong ka bopaki ba Morena wa rona, leha e le ka nna ke leng moholehuwa wa hae, empa o inkele kabelo bohlokong ba Evangeli ka matla a Modimo,
ya tiisitseng lentswe la Modimo, a paka le tsa Jesu Kreste, e leng tsohle tseo a di boneng.
Nna, Johanne, ke leng ngwanabo lona, ya abetsweng le lona matshwenyeho, le mmuso, le mamello e leng ho Jesu Kreste, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patmose, ka bka la lentswe la Modimo, le ka baka la ho paka Jesu Kreste.
Ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe la bopaki ba bona; mme ha ba ka ba re letho ka bophelo ba bona, le ho isa lefung.
Mme drakone ya halefela mosadi, mme ya tloha ho ya lwantsha masala a leloko la hae, e leng ba bolokileng ditaelo tsa Modimo, ba nang le bopaki ba Jesu Kreste.
Yaba ke wela maotong a lona ho le kgumamela. Empa la re ho nna: O se ke wa etsa hoo; hobane ke molekane wa hao wa tshebeletso, le wa banabeno ba ba nang le bopaki ba Jesu; kgumamela Modimo: hobane bopaki ba Jesu ke Moya wa boporofeta.
Eitse hobane e manolle tiiso ya bohlano, ka bona katlasa aletare meya ya ba bolaetsweng lentswe la Modimo le bopaki boo ba neng ba bo tiisitse.