Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Bagalata 3:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ya le fang Moya, ya etsang mehlolo hara lona, na o e etsa ka mesebetsi ya molao, kapa a ke ka polelo ya tumelo na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Ha ho le jwalo, ya le abelang Moya, ya etsang diketso tse matla hara lona, na o etsa jwalo kahobane le phetha Molao kapa kahobane le dumetse molaetsa oo le o utlwileng?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Ha ho le jwalo, ya le neang Moya, ya etsang mehlolo hara lona, na o e etsa ka mesebetsi ya molao, kapa ka kutlo ya tumelo na?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Ha ho le jwalo, ya le neang Moya, ya etsang mehlolo hara lona, na o e etsa ka mesebetsi ya molao, kapa ka kutlo ya tumelo na?

Ver Capítulo Copiar




Bagalata 3:5
14 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, ba hlola teng matsatsi a mangata, ba bolela ba itshepisitse ka Morena, ya neng a tiisa lentswe la mohau wa hae ka ho etsa mehlolo le meeka ka matsoho a bona.


Tumelo e fela e tla ka ho utlwa, mme kutlo e tla ka polelo ya Modimo.


ka matla a mehlolo le a meeka, le ka matla a Moya wa Modimo; ke bile ka hasa Evangeli ya Kreste, ho qala ka Jerusalema le mathoko a yona ho ya qetella ka Iliria.


E mong o newa tshebetso ya mehlolo, e mong boporofeta, e mong temoho ya meya, e mong dipuo tse mefuta, e mong phetolo ya dipuo.


hobane dibetsa tsa ntwa ya rona hase tsa nama, empa di le matla ka Modimo ho diha diqhobosheane.


Ruri, haele dipontsho tsa baopostola ba ka, di sebeditswe ka matla hara lona, ka mamello yohle, ka dipontsho, ka meeka, le ka mehlolo.


haele moo le batla pontsho e le kgodisang hore Kreste o bua ka nna, athe yena ha a le fokolla, empa o matla hara lona.


tshebeletso ya Moya e tla ba le kganya e fetisang hakakang!


Ya baballang mojadi ka peo, le motho ka bohobe a tle a je, o tla le sitsa, mme a le atisetse se jalwang ke lona, mme a totise ditholwana tsa ho loka ka ho lona;


Nka rata ho utlwa ho lona hona hoo feela: Ana le nkile Moya ka mesebetsi ya molao, kapa a ke ka polelo ya tumelo na?


Ke tswe ke tseba hobane hoo ho tla mphetohela polokeho ka merapelo ya lona, le ka tshitso ya Moya wa Jesu Kreste,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos