La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Bakorinthe 1:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ke leboha Modimo wa ka kamehla bakeng sa lona, ha ke hopola mohau wa Modimo, oo le o neilweng ho Jesu Kreste.

Ver Capítulo

BIBELE

Kamehla ke leboha Modimo wa ka, ka baka la mohau wa hae, oo le o filweng ka Kreste Jesu,

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Ke leboha Modimo wa ka kamehla bakeng sa lona, ka baka la mohau wa Modimo oo le o neilweng ka Jesu Kreste;

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Ke leboha Modimo wa ka kamehla bakeng sa lona, ka baka la mohau wa Modimo oo le o neilweng ka Jesu Kreste;

Ver Capítulo



1 Bakorinthe 1:4
12 Referencias Cruzadas  

A re ho bona: Hase bohle ba nang le kutlwisiso ya taba eo, haese ba e neilweng.


Nna le Ntate, re bang feela.


Ekare ha le kopa ntho ka lebitso la ka, ke tla e etsa.


Mme ke tla rapela Ntate, mme o tla le nea Moemedi e mong, a tle a dule le lona ka ho sa feleng;


empa Moemedi, e leng Moya o Halalelang, eo Ntate a tla mo roma ka lebitso la ka, ke yena ya tla le ruta tsohle, mme o tla le hopotsa le tsohle tseo ke le boleletseng tsona.


Etlare hobane ho tle Moemedi eo ke tla mo roma ho lona, a etswa ho Ntate, e leng Moya wa nnete, o tswang ho Ntate, ke yena ya tla paka tsa ka.


Eitse ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, mme a ba kgothatsa kaofela ho tiisetsa ho Morena ka pelo e pheheletseng.


Jwale, ha ba utlwa taba tseo, ba tlotlisa Morena; ba mpa ba re ho yena: Ngwaneso, o ka bona bongata ba dikete tsa Bajuda ba dumetseng; hape ba sa tjhesehela molao kaofela ha bona.


Ke simolla ka ho leboha Modimo wa ka ka Jesu Kreste ka baka la lona bohle, kahobane tumelo ya lona e roriswa lefatsheng lohle.


Modimo o bokwe, hobane lona le neng le le bahlanka ba sebe, jwale le dumetse ka pelo ho ya ka mehlala ya thuto eo le e rutilweng.


ke re: Le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.


Mme mohau wa Morena wa rona o ntletse ka ho fetisisa, ka tumelo le ka lerato le ho Jesu Kreste.