Yuda 1:12 - Baasraak Sotho NT Bana ke dikodi meketeng ya lona ya lerato, ha ba keteka le lona, ba iphepa ba se na tshabo; ditlhare tse maungo a tsona a swabang, tse di se nang maungo, tse di suleng gabedi, tse di kumotsweng; Sesotho 1909/1961 (SO) Bao ke dikodi meketeng ya lona ya lerato, ha ba ntse ba eja le lona; ba kgora hampe, ba se na dihlong; ke maru a se nang pula, a fefolwang ke moya; ke difate tse hlohlorehileng, tse sa beheng, tse shweleng habedi, tse fothotsweng; BIBELE Ke bona ba silafatsang mekete ya lona ya Bakreste ka ho ja ba se na dihlong, ba hopotse dimpa tsa bona feela. Ke maru a se nang pula, a fefolwang ke moya. Ke difate tse sa beheng, esita le ka nako ya hwetla, tse shweletseng ruri, tse fothotsweng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bana ke dikodi meketeng ya lona ya lerato, ha ba keteka le lona, ba iphepa ba se na tshabo; ditlhare tse maungo a tsona a swabang, tse di se nang maungo, tse di suleng gabedi, tse di kumotsweng; |
Empa a araba, a re: Semela se seng le se seng seo Ntate wa lehodimo a sa se jalang, se tla fotholwa.
Empa ha mohlanka eo a ka re pelong ya hae: Monga ka o diehile ho tla; mme a qala ho otla bahlanka le barwetsana, le ho ja, le ho nwa, le ho tahwa;
Ho ne ho ena le monna e mong ya ruileng, ya neng a apara purepera le lene e ntle, a ithabisa ka matsatsi wohle.
Le itlhokomele, esere mohlomong dipelo tsa lona tsa imelwa ke ho ja ho jewa, le ke botahwa, le dipelaelo tsa bophelo bona, mme letsatsi leo la le wela le sa lebella.
E nngwe ya wela lefikeng; mme hang ha e se e mela, ya pona, kahobane e ne e hloka mongobo.
hore re tle re se ke ra hlola re eba bana, ba hehehelwang kwana le kwana, ba fefolwang ke moya o mong le o mong wa thuto, ka mano a batho, ka mano a mano a ho thetsa ka bona;
bao qetello ya bona e leng timelo, bao Modimo wa bona e leng mpa ya bona, le kganya ya bona e leng dihlong tsa bona, ba nahanang tsa lefatshe.
Le se ke la kgeloswa ke dithuto tse ngata, tse sa tlwaelehang. Hobane ho hotle ha pelo e tiiswa ka mohau; e seng ka dijo tse ba neng ba itshwere ka tsona ba sa kang ba ba thusa.
Le ne le iphelela menate lefatsheng, mme le kganyohile; lo nontshitse dipelo tsa lona jaaka mo letsatsing la tlhabo.