Mattheu 9:21 - Baasraak Sotho NT Hobane o ne a ipolella, a re: Ha nka ama seaparo sa hae feela, ke tla fola. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane o ne a re ka ho yena: Ha nka ama kobo ya hae feela, ke tla fola. BIBELE hobane o ne a re ka pelong: “Ha nka mpa ka ama seaparo sa hae, ke tla fola.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane o ne a ipolella, a re: Ha nka ama seaparo sa hae feela, ke tla fola. |
Hobane o ne a fodisitse ba bangata; hoo bohle ba neng ba na le dikotsi ba neng ba mo petetsa hore ba mo ame.
Letshwele lohle le ne le batla ho mo ama, hobane matla a ne a etswa ho yena, mme a fodisa bohle.
hoo masela le liforesekoto tse tsoang ’meleng oa hae li neng li tlisoa ho ba kulang, ’me mafu a ne a ba tlohela, le meea e khopo ea tsoa ho bona.