Mora Motho o tlile a eja, a enwa, mme ba re: Bonang, ho na le motho wa monyollo le monwi, motswalle wa balekgetho le baetsadibe. Empa bohlale bo lokafatswa ho bana ba bona.
Mattheu 9:11 - Baasraak Sotho NT Bafarisi, ha ba bona hoo, ba re ho barutuwa ba hae: Ke ka baka lang moruti wa lona a jang le balekgetho le baetsadibe? Sesotho 1909/1961 (SO) Bafarisi, ha ba bona hoo, ba re ho barutuwa ba hae: Na moruti wa lona o jelang le balekgetho le baetsadibe? BIBELE Ha Bafarisi ba bona hoo, ba re ho barutuwa ba hae: “Ke ka baka lang moruti wa lona a jang le balekgetho le baetsadibe?” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bafarisi, ha ba bona hoo, ba re ho barutuwa ba hae: Ke ka baka lang moruti wa lona a jang le balekgetho le baetsadibe? |
Mora Motho o tlile a eja, a enwa, mme ba re: Bonang, ho na le motho wa monyollo le monwi, motswalle wa balekgetho le baetsadibe. Empa bohlale bo lokafatswa ho bana ba bona.
Hobane ha le rata ba le ratang, le na le moputso ofe? Le bona balekgetho ha ba etse jwalo?
Yare ha Jesu a dutse dijong ka tlung, balekgetho ba bangata le baetsadibe ba tla, ba dula le yena le barutuwa ba hae.
Yare ha bangodi le bafarisi ba mmona a eja le balekgetho le baetsadibe, ba re ho barutuwa ba hae: O jela jwang le balekgetho le baetsadibe?
Yare ha ba bona hoo, ba korotla bohle, ba re: O kene ho ya robala ha monna wa moetsadibe.
Bangodi le Bafarisi ba bona ba korotlela barutuwa ba hae, ba re: “Ke ka baka lang ha le ja le balekgetho le baetsadibe, le nwa le bona?
Ke mang ya ka hauhelang ba sa tsebeng le ho ba kgelohileng; hobane le yena o potapotilwe ke mefokolo.
Haeba mang kapa mang a tla ho lona, mme a sa tlise thuto eo, le se ke la mo amohela matlung a lona, kapa la mo dumedisa.