Mattheu 8:12 - Baasraak Sotho NT Empa bana ba mmuso ba tla lahlelwa lefifing le kantle; teng ho tla ba dillo le ditsikitlano tsa meno. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa bara ba mmuso ba tla lahlelwa lefifing le kantle, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno. BIBELE empa bao e leng ba Mmuso oo ka tswalo ba tla lahlelwa kantle, lefifing, moo ho tla ba teng dillo le ditsikitlano tsa meno.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa bana ba mmuso ba tla lahlelwa lefifing le kantle; teng ho tla ba dillo le ditsikitlano tsa meno. |
mme ba tla ba lahlela seboping sa mollo, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.
mme ba tla ba lahlela seboping sa mollo, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.
Ka baka leo, ke re ho lona: Le tla amohuwa mmuso wa Modimo, o newe setjhaba se tla bea ditholwana tsa wona.
O tla mo kgaola dikoto, a mo bee kabelo ya hae le baikaketsi; teng ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno.
Le lahleleng mohlanka ya se nang molemo lefifing le kantle; teng ho tla ba dillo le ditsikitlano tsa meno.
Ke moo dillo di tla ba teng, le ditsikitlano tsa meno, mohla le bonang Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, le baporofeta bohle, mmusong wa Modimo, empa lona le leleketswe kantle.
Le bana ba baporofeta, le ba selekane seo Modimo o se entseng le bontata rona, wa re ho Abrahama: Meloko yohle ya lefatshe e tla hlohonolofatswa ka leloko la hao.
Baiseraele ke bo-mang; e leng ho nkelwa bana, le kganya, le dilekane, le ho newa molao, le tshebeletso ya Modimo, le ditshepiso;
Bao ke didiba tse se nang metsi, ke maru a akgauwang ke sefefo; ba boloketsoeng moholi oa lefifi ka ho sa feleng.
Hobane ekare ha Modimo o sa ka wa qenehela mangeloi a entseng sebe, wa mpa wa a dihela diheleng, wa a neela mahlaahlela a lefifi, hore a bolokelwe kahlolo;
ke maqhubu a tjhesang a lewatle, a phokaselang dihlong tsa wona; dinaledi tse kgelohang, tse boloketsweng botsho ba lefifi ka ho sa feleng.
Ka ntle ho na le dintja, le baloi, le dihlola, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le mang kapa mang ya ratang leshano le a le etsang.