Mattheu 5:45 - Baasraak Sotho NT Le tle le be bana ba Ntata lona ya mahodimong, hobane o chabisetsa ba babe le ba molemo letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba sa lokang pula. Sesotho 1909/1961 (SO) le tle le be bana ba Ntata lona ya mahodimong; hobane o tjhabisetsa ba babe le ba batle letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba kgopo. BIBELE hore le be bana ba Ntata lona ya mahodimong, hobane o tjhabisetsa ba kgopo le ba molemo letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba sa lokang pula. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le tle le be bana ba Ntata lona ya mahodimong, hobane o chabisetsa ba babe le ba molemo letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba sa lokang pula. |
Empa ratang dira tsa lona, le etse hantle, mme le adime le sa tshepe letho; mme moputso wa lona o tla ba moholo, mme le tla ba bana ba Ya Hodimodimo;
Leha ho le jwalo, ha o a ka wa itlohela a se na bopaki, ka ho etsa se molemo, wa re nea pula e tswang lehodimong, le dihla tsa nala, wa tlatsa dipelo tsa rona ka dijo le ka thabo.
Le tle le hloke sekodi, le se na molato, le be bana ba Modimo ba sa nyatseheng hara setjhaba se kgopo, se kgopo, seo le kganyang ho sona jwaloka dinaledi lefatsheng.
E mong le e mong ya tswetsweng ke Modimo ha a etse sebe; hobane peo ya hae e dutse ho yena;