Se kenang ka hanong hase sona se silafatsang motho; empa se tswang molomong ke sona se silafatsang motho.
Mattheu 4:4 - Baasraak Sotho NT Empa a araba, a re: Ho ngodilwe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela ka dipolelo tsohle tse tswang molomong wa Modimo. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Jesu a araba, a re: Ho ngodilwe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela le ke polelo tsohle tse tswang molomong wa Modimo. BIBELE A mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela le ka polelo e nngwe le e nngwe e tswang molomong wa Modimo.’ ” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa a araba, a re: Ho ngodilwe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela ka dipolelo tsohle tse tswang molomong wa Modimo. |
Se kenang ka hanong hase sona se silafatsang motho; empa se tswang molomong ke sona se silafatsang motho.
Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.
Jesu a mo araba, a re: Ho ngodilwe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela ka dipolelo tsohle tsa Modimo.
Jesu a araba, a re ho yena: Tloha ho nna, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla kgumamela Jehova, Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.
Etlare ha Moemedi a fihla, eo ke tla mo romela ho lona a etswa ho Ntate, e leng Moya wa nnete, o tswang ho Ntate, ke yena ya tla paka tsa ka.
Moya ke wona o phedisang; nama ha e thuse letho: dipolelo tseo ke le bolellang tsona ke moya, mme ke bophelo.
Hobane tsohle tse ngodilweng pele, di ngotswe ho re ruta, hore ka mamello le ka tshediso ya Mangolo re tle re be le tshepo.