Bheka, intombi e mimba, e tla le indodana, bakeng sa lebitso la lebitso la Emanuweli, ho fihlela ka hohunyushwa, Modimo ounathi.
Mattheu 28:20 - Baasraak Sotho NT le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona; mme bonang, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe. Amen. Sesotho 1909/1961 (SO) mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe. BIBELE le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona; mme bonang, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe. Amen. |
Bheka, intombi e mimba, e tla le indodana, bakeng sa lebitso la lebitso la Emanuweli, ho fihlela ka hohunyushwa, Modimo ounathi.
Ho tla ba jwalo bofelong ba lefatshe: mangeloi a tla tswa, a kgethe ba kgopo ho ba lokileng;
Hobane moo ba babedi kapa ba bararo ba phuthehetseng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.
Eitse ha a dutse thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena boinotshing, ba re: Re bolelle, tseo di tla etsahala neng? mme pontsho e tla ba efe ya ho tla ha hao, le ya ho fela ha lefatshe?
O se ke wa re isa molekong, o mpe o re lopolle ho e mobe: Hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho sa feleng. Amen.
Ba tloha, ba ya bolela Evangeli kahohle, Morena a ntse a sebetsa le bona, a tiisa lentswe ka mehlolo e e latelang. Amen.
Ba nna ba tiisetsa thutong ya baapostola, le kopanong ya boena, le ho ngwathweng ha bohobe, le merapelong.
Jwale, banabeso, ke a le rorisa, ha le nkgopola nthong tsohle, mme le boloka ditaelo, jwalokaha ke le neile tsona.
Hobane nna ke amohetse ho Morena seo le nna ke le neileng sona, ke hoba Morena Jesu ka bona bosiu boo a ekilweng ka bona, o ile a nka bohobe.
Ekare ha motho a itekanya hore ke moporofeta, kapa ke motho wa moya, a a dumele hore tseo ke le ngollang tsona ke ditaelo tsa Morena.
Ke yena eo re mo bolelang, re lemosa batho bohle, mme re ruta batho bohle ka bohlale bohle; re tle re hlahise motho e mong le e mong a phethehile ho Jesu Kreste;
Leha ho le jwalo, Morena o ile a ema le nna, mme a mpha matla; e le hore ka ’na molaetsa o ka tsebahatsoa ka botlalo, le hore lichaba tsohle li utloe: ’me ka lopolloa molomong oa tau.
Le tle le hopole dipolelo tse boletsweng e sa le pele ke baporofeta ba halalelang, le ditaelo tsa Morena le Mopholosi wa rona.
Ke nna ya phelang, mme ke ne ke shwele; mme, bona, ke phela ka ho sa feleng, Amen; mme ke na le dinotlolo tsa lefu le dihele.
Ho lehlohonolo ba etsang melao ya wona, hore ba tle ba be le tokelo ya ho ja sefate sa bophelo, le ho kena motseng ka dikgoro.