La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 28:2 - Baasraak Sotho NT

Mme bonang, ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe, hobane lengeloi la Jehova le theohile lehodimong, la tla, la phikolosa lejwe la monyako, la dula hodima lona.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng; hobane lengeloi la Morena la theoha lehodimong, la tla, la phikolosa lejwe le neng le le monyako, la ntoo dula hodima lona.

Ver Capítulo

BIBELE

Bonang, tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng, hobane lengeloi la Morena le ne le ile la theoha lehodimong, la fihla, la phikolosa lejwe, mme la dula hodima lona.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Mme bonang, ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe, hobane lengeloi la Jehova le theohile lehodimong, la tla, la phikolosa lejwe la monyako, la dula hodima lona.

Ver Capítulo



Mattheu 28:2
12 Referencias Cruzadas  

A o bea lebitleng la hae le letjha, leo a le betlileng lefikeng; mme a phikolosetsa lejwe le leholo monyako wa lebitla, a tloha.


Ba ya, ba tiisa lebitla, ka ho tiisa lejwe, mme ba bea balebedi.


Ka tsatsi la pele la veke, Maria Magdalena a tla lebitleng kameso, ho sa le lefifi, mme a bona lejwe le tlositswe lebitleng.


Hanghang ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe, hoo metheo ya tjhankana ya ileng ya sisinyeha;


Empa bosiu lengeloi la Morena la bula menyako ya teronko, la ba ntsha, la re:


Mme ha ho pelaelo hore sephiri sa borapedi ke se seholo: Modimo o bonahaditswe nameng, a bolelwa hore o lokile moyeng, a bonwa ke mangeloi, a bolelwa hara ditjhaba, a dumelwa lefatsheng, a phahamisetswa kganyeng.


Ba senoletswe hore e ne e se bakeng sa bona, empa e ne e le rona ba sebeletsang dintho tseo le di bolellwang jwale ke ba le boleletseng molaetsa o molemo ka Moya o Halalelang o tswang lehodimong. tseo mangeloi a lakatsang ho di sheba.


Mme Tempele ya Modimo ya bulwa lehodimong, mme ha bonwa areka ya selekane sa wona ka tempeleng ya wona, mme ha eba le mahadima, le mantswe, le diaduma, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se seholo.