Yaba ba rerisana, ba reka tshimo ya mmopi wa dipitsa ka tsona, ho epela baditjhaba teng.
Mattheu 27:8 - Baasraak Sotho NT Ke ka baka leo tshimo eo e bitswang Tshimo ya madi, ho fihlela kajeno. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka baka leo, tshimo eo e bitsitswe Tshimo ya madi, ho fihlela kajeno. BIBELE Ka baka leo, tshimo eo e bitswa Tshimo ya Madi le kajeno-ya-bokajeno. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke ka baka leo tshimo eo e bitswang Tshimo ya madi, ho fihlela kajeno. |
Yaba ba rerisana, ba reka tshimo ya mmopi wa dipitsa ka tsona, ho epela baditjhaba teng.
Yaba ba nka ditjhelete, ba etsa kamoo ba rutilweng kateng, mme polelo eo ya bolelwa hara Bajuda, ho fihlela kajeno.
Taba eo ya tsejwa ke baahi bohle ba Jerusalema; e bile tshimo eo ka puo ya bona e bitswang Aceldama, ke ho re, Tshimo ya madi.