Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 27:8 - BIBELE

8 Ka baka leo, tshimo eo e bitswa Tshimo ya Madi le kajeno-ya-bokajeno.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ka baka leo, tshimo eo e bitsitswe Tshimo ya madi, ho fihlela kajeno.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Ke ka baka leo tshimo eo e bitswang Tshimo ya madi, ho fihlela kajeno.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Ke ka baka leo tshimo eo e bitswang Tshimo ya madi, ho fihlela kajeno.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 27:8
7 Referencias Cruzadas  

Mefeng e ne e hlahisitse dintlha tsa yona, hoo dintlha tseo di neng di bonahala ha motho a le ka Sehalalelong, a tobane le Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, empa di ne di sa bonahale ha motho a le kantle ho Sehalalelo, mme di sa ntsane di le moo le kajeno-ya-bokajeno.


Yare hoba ba rere, ba reka tshimo ya sebopi sa dipitsa ka tsona, e tle e be moo ho epelwang baditjhaba teng.


Bahlabani ba amohela tjhelete, mme ba etsa kamoo ba lailweng kateng. Polelo ena ya tumiswa hara Bajuda ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.


Baahi bohle ba Jerusalema ba tseba taba ena, mme ka puo ya bona tshimo eo ba e bitsa Akeledama, e leng ho re: Tshimo ya Madi.


Morena a mo epela ka kgohlong, naheng ya Moabe, malebane le Bete-Peore. Empa ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno ha ho motho ya tsebang lebitla la Moshe.


Joshua a hloma majwe a leshome le metso e mmedi bohareng ba Jorodane, sebakeng seo maoto a baprista ba neng ba jere areka ya selekane a neng a eme teng, mme le kajeno-ya-bokajeno a ntse a le hona moo.


Monna eo a ya naheng ya Bahete, a haha motse, a o bitsa Lose, mme leo ke lebitso la wona ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos