A re: Eyang motseng ho monna e mong, le re ho yena: Moruti o re: Nako ya ka e atametse; ke tla keteka Paseka ha hao le barutuwa ba ka.
Mattheu 26:45 - Baasraak Sotho NT Jwale a tla ho barutuwa ba hae, a re ho bona: “Le sa ntse le robetse, mme le phomole; Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba o ya ho barutuwa ba hae, a re ho bona: Robalang jwale, le kgatholohe; bonang, nako e atametse, Mora motho o se a ya neelwa matsohong a baetsadibe. BIBELE Jwale a tla ho barutuwa, a re ho bona: “Na le sa ntse le robetse, le phomotse? Bonang, nako e atametse, mme Mora Motho o neelwa matsohong a baetsadibe. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale a tla ho barutuwa ba hae, a re ho bona: “Le sa ntse le robetse, mme le phomole; |
A re: Eyang motseng ho monna e mong, le re ho yena: Moruti o re: Nako ya ka e atametse; ke tla keteka Paseka ha hao le barutuwa ba ka.
Le a tseba hore kamora matsatsi a mabedi ho tla ba le mokete wa Paseka, mme Mora Motho o tla neelwa ho thakgiswa sefapanong.
A tswela pele hanyane, a itihela fatshe, a rapela hore, ha ho ka etswa, hora eo e mo fete.
Ha ke ne ke ena le lona ka tsatsi le leng le le leng ka Tempeleng, ha le a ka la nkenya matsoho, empa ena ke nako ya lona, le matla a lefifi.
Jwale moya wa ka o tshwenyehile; mme ke tla reng? Ntate, mpholose nakong ena: empa ka lebaka lena ke tlile nakong ena.
Eitse ha Jesu a tsebile pele ho mokete wa Paseka, hore nako ya hae e tlile ya ho tloha lefatsheng lena, ho ya ho Ntate, a ratile ba hae ba lefatsheng, a ba rata ho isa qetellong.
Jesu a bua taba tseo, mme a lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a re: Ntate, nako e tlile; tlotlisa Mora oa hao, hore Mora oa hao le eena a u tlotlise.