Fadimehang ke hona, hobane ha le tsebe letsatsi kapa hora eo Mora motho a tla tla ka yona.
Mattheu 26:38 - Baasraak Sotho NT A ba a re ho bona: Moya wa ka o tshwenyehile haholo, ho isa lefung; salang mona, le fadimehe le nna. Sesotho 1909/1961 (SO) A re ho bona: Moya wa ka o tshwerwe ka nqa tsohle ke maswabi a isang lefung; salang mona, le fadimehe le nna. BIBELE Yaba o re ho bona: “Moya wa ka o maswabing a maholo, hoo nka shwang; salang mona, le fadimehe le nna.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A ba a re ho bona: Moya wa ka o tshwenyehile haholo, ho isa lefung; salang mona, le fadimehe le nna. |
Fadimehang ke hona, hobane ha le tsebe letsatsi kapa hora eo Mora motho a tla tla ka yona.
Jwale moya wa ka o tshwenyehile; mme ke tla reng? Ntate, mpholose nakong ena: empa ka lebaka lena ke tlile nakong ena.
Yena ya sa kang a qenehela Mora wa hae, wa mpa a mo nehelana ka yena bakeng sa rona bohle, na a ke ke a re nea dintho tsohle jwang le yena?
Hobane ya sa kang a tseba sebe o mo entse sebe bakeng sa rona; re tle re etswe ho loka ha Modimo ho yena.
Ke yena ya ileng a jara dibe tsa rona mmeleng wa hae sefateng, hore rona, ba shweleng ka nqeng ya dibe, re phelele ho loka;
Hobane Kreste le yena o kile a shwela dibe hang feela, ya lokileng a shwela ba sa lokang, hore a tle a re ise ho Modimo, a bolawa nameng, empa a phediswa ke Moya.