Kamora matsatsi a tsheletseng, Jesu a nka Petrose, le Jakobo, le Johanne ngwanabo, a nyolohela le bona thabeng e telele, ba le bang.
Mattheu 26:37 - Baasraak Sotho NT A nka Petrose le bara ba Sebedea ba babedi, a qala ho swaba le ho tsieleha haholo. Sesotho 1909/1961 (SO) A ya le Petrose le bara ba Sebedea ba babedi, mme a qala ho swaba le ho tsieleha haholo. BIBELE A tsamaya le Petrose le bara ba babedi ba Sebedea, mme a qala ho swaba le ho tshwenyeha. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A nka Petrose le bara ba Sebedea ba babedi, a qala ho swaba le ho tsieleha haholo. |
Kamora matsatsi a tsheletseng, Jesu a nka Petrose, le Jakobo, le Johanne ngwanabo, a nyolohela le bona thabeng e telele, ba le bang.
Jwale mma bana ba Sebedea a tla ho yena le bara ba hae, a kgumama, a kopa ntho e nngwe ho yena.
Eitse ha Jesu a tsamaya pela lewatle la Galelea, a bona bana ba motho ba babedi, Simone ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo, ba akgela letlowa lewatleng;
Ha a tswela pele ho tloha moo, a bona ba bang ba babedi ba bara ba motho, e leng Jakobo, mora Sebedea, le Johanne ngwanabo, ba le ka sekepeng le Sebedea ntata bona, ba ntse ba lokisa matlowa a bona; mme a ba bitsa.
Mme ha a ka a dumella motho ho mo latela, haese Petrose, le Jakobo, le Johanne, ngwanabo Jakobo.
Mme a le bohlokong bo boholo, a rapela ka matla, mme mofufutso wa hae wa eba jwaloka marothodi a madi a rothelang fatshe.
Jwale moya wa ka o tshwenyehile; mme ke tla reng? Ntate, mpholose nakong ena: empa ka lebaka lena ke tlile nakong ena.