Mattheu 26:33 - Baasraak Sotho NT Petrose a araba, a re ho yena: Leha bohle ba ka kgoptjwa ka baka la hao, nna nke ke ka kgoptjwa le ka mohla o le mong. Sesotho 1909/1961 (SO) Petrose a bua, a re ho yena: Leha bohle ba ka kgoptjwa ho wena, nna nke ke ka kgoptjwa le hanyenyane. BIBELE Petrose a mo araba, a re: “Leha bohle ba ka o kwenehela, nna nke ke ka kweneha le kgale.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Petrose a araba, a re ho yena: Leha bohle ba ka kgoptjwa ka baka la hao, nna nke ke ka kgoptjwa le ka mohla o le mong. |
Jesu a re ho yena: Kannete ke re ho wena: Bosiung bona, pele mokoko o lla, o tla be o ntatotse hararo.
Eitse hobane ba je, Jesu a re ho Simone Petrose: Simone, mora Jona, a o nthata ho fetisa bana na? A re ho yena: E, Morena; o a tseba hobane ke a o rata. A re ho yena: Fepa dikonyana tsa ka.
Le se ke la etsa letho ka kgang, leha e le ka boithoriso ba lefeela; empa ka boikokobetso, e mong le e mong a nke ba bang ba le molemo ho yena.