Jwalokaha Mora Motho a sa tlela ho sebeletswa, empa ho sebeletsa, le ho fana ka bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata.
Mattheu 26:28 - Baasraak Sotho NT Hobane hona ke madi a ka a selekane se setjha, a tshollelwang ba bangata bakeng sa tshwarelo ya dibe. Sesotho 1909/1961 (SO) hobane hona ke madi a ka a selekane se setjha, a tshollelwang ba bangata tshwarelong ya dibe. BIBELE hobane hona ke madi a ka a selekane, a tla tshollelwa ba bangata, a tshollelwa tshwarelo ya dibe. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane hona ke madi a ka a selekane se setjha, a tshollelwang ba bangata bakeng sa tshwarelo ya dibe. |
Jwalokaha Mora Motho a sa tlela ho sebeletswa, empa ho sebeletsa, le ho fana ka bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata.
Empa ke re ho lona: Ho tloha jwale ha ke sa tla hlola ke enwa se behwang ke morara, ho fihlela tsatsi leo ke tla se nwa le lona se le setjha Mmusong wa Ntate.
Mme o re tshwarele melato ya rona, jwalokaha le rona re tshwarela ba nang le melato ho rona.
A nka bohobe, a leboha, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: Sena se bolela mmele wa ka o newang bakeng sa lona.
Ka mokgwa o jwalo, a nka le senwelo kamora selallo, a re: Senwelo sena ke selekane se setjha mading a ka, a tshollelwang lona.
Empa neo ya mohau ha e jwaloka tlolo. Hobane ekare ha ba bangata ba shwele ka tshito ya motho a le mong, mohau wa Modimo le neo ya mohau e leng ka motho a le mong, Jesu Kreste, di atiseditse ba bangata haholoholo.
Hobane jwalokaha ka ho se mamele ha motho a le mong ba bangata ba entswe baetsadibe, ka mokgwa o jwalo ba bangata ba tla bewa ba lokileng ka kutlo ya motho a le mong.
Ka mokgwa o jwalo a nka le senwelo, ha ho se ho larile, a re: Senwelo sena ke selekane se setjha mading a ka;
Eo re nang le topollo ho yena ka madi a hae, e leng tshwarelo ya dibe, ka boholo ba mohau wa hae;
Mme, ka ho etsa kgotso ka madi a sefapano sa hae, ka yena a boelanye tsohle le yena; ka yena, leha e le tse lefatsheng, leha e le tse mahodimong.
Le lekanya hakakang, ha le ka lekanya hore o lokelwa ke kotlo e fetisang hakakang, ya hatang Mora wa Modimo ka maoto, a nkang madi a selekane, ao a halaleditsweng ka wona, e le ntho e sa halaleleng, mme a nyedisitse Moya. tsa mohau?
Jwale Modimo wa kgotso, o tsositseng bafung Morena wa rona Jesu, modisa e moholo wa dinku, ka madi a selekane se sa feleng,
Ka mokgwa o jwalo Kreste o ile a nyeheloa hang hore a jare dibe tsa ba bangata; mme ho ba mo lebeletseng o tla hlaha kgetlo la bobedi a se na sebe ho isa polokong.
Ke yena e leng pheko ya dibe tsa rona, mme e seng tsa tsa rona feela, empa le tsa lefatshe lohle.
Ka re ho yena: Morena, ke wena o tsebang. A re ho nna: Bana ke ba tswang mahlomoleng a maholo, mme ba hlatswitse diaparo tsa bona tse telele, ba di sweufatsa mading a Konyana.
Kamora tseo ka tadima, mme, bonang, bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ya ka tsebang ho ba bala, ba ditjhaba tsohle, le ba mefuta yohle, le ba mefuta yohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba eme pela terone le pela Konyana, ba apere diaparo tse telele tse tshweu, ba apere dipalema. matsoho a bona;