Yaba o laela bongata hore bo dule hodima jwang, a nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala lehodimong, a boka, a ngwatha, a nea barutuwa ba hae mahobe, mme barutuwa ba abela matshwele.
Mattheu 26:26 - Baasraak Sotho NT Yare ba sa ntse ba eja, Jesu a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a bo nea barutuwa ba hae, a re: Nkang, le je; sena ke mmele wa ka. Sesotho 1909/1961 (SO) Ba re ba sa ja, Jesu a nka bohobe, mme eitse hobane a boke, a bo ngwatha, a bo nea barutuwa ba hae, a re ho bona; Nkang, le je; hona ke mmele wa ka. BIBELE Yare ha ba ntse ba eja, Jesu a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, mme a bo nea barutuwa ba hae, a re: “Nkang le je; hona ke mmele wa ka.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ba sa ntse ba eja, Jesu a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a bo nea barutuwa ba hae, a re: Nkang, le je; sena ke mmele wa ka. |
Yaba o laela bongata hore bo dule hodima jwang, a nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala lehodimong, a boka, a ngwatha, a nea barutuwa ba hae mahobe, mme barutuwa ba abela matshwele.
Eitse hobane a nke mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala lehodimong, a boka, a ngwatha mahobe, a a nea barutuwa ba hae, hore ba a behele batho; le dihlapi tse pedi a di arolela bohle.
Ba nna ba tiisetsa tempeleng ka tsatsi le leng le le leng, ka pelo e le nngwe, ba ngwatha bohobe le ntlo le ntlo, ba eja dijo tsa bona ka thabo le ka pelo e hlwekileng.
Ka letsatsi la pele la beke, ha barutuwa ba phuthehile ho ngwatha bohobe, Pauluse a ba bolella molaetsa o molemo, a itokisetsa ho tloha hosasane. a tsoela pele ho bua ho fihlela har’a mp’a bosiu.
Mme bohle ba nwa seno se le seng sa moya, hobane ba ne ba nwele Lefikeng la moya le neng le ba latela, mme Lefika leo e ne e le Kreste.