Mattheu 25:19 - Baasraak Sotho NT Eitse hobane ho fete nako e telele, monga bahlanka bao a tla, mme a lokisa le bona. Sesotho 1909/1961 (SO) Tshiu tse ngata ha di fetile, morena wa bahlanka bao a fihla, mme a hlahloba ditaba le bona. BIBELE “Yare kamora nako e telele, monga bahlanka bao a tla, mme a hlahlobisana boemo ba tshebetso le bona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse hobane ho fete nako e telele, monga bahlanka bao a tla, mme a lokisa le bona. |
Jwalokaha Davida le yena a bolela lehlohonolo la motho eo Modimo o mmaletseng ho loka kantle ho mesebetsi.
Hobane bohle re na le ho hlaha pela setulo sa kahlolo sa Kreste; e le hore e mong le e mong a tle a amohele mesebetsi ya mmele ya hae, ho ya ka seo a se entseng, leha e le se setle kapa se sebe.
Bana beso, le se ke la ba baruti ba bangata, le ntse le tseba hobane re tla fumana kahlolo e fetisang ka boholo.