Mattheu 24:17 - Baasraak Sotho NT Ea leng holim’a ntlo a se ke a theoha ho ntša letho ka tlung ea hae. Sesotho 1909/1961 (SO) ya leng hodima ntlo, a se ke a theohela ho nka ntho tlung ya hae; BIBELE motho ya sehlohlolong sa ntlo a se ke a ba a theoha ho ya ntsha thepa ka tlung ya hae; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ea leng holim’a ntlo a se ke a theoha ho ntša letho ka tlung ea hae. |
Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla ja eng, kapa le tla nwa eng; leha e le bakeng sa mmele ya lona, seo le tla se apara. Na bophelo ha bo fete dijo, le mmele ho feta diaparo na?
Ka baka leo, tsohle tseo le di buileng lefifing di tla utlwahala leseding; mme seo le se buileng tsebeng ka matlung se tla bolelwa hodima marulelo.
Eitse ha ba sa bone kamoo ba ka mo kenyang kateng, ka baka la bongata, ba hloella marulelong, ba mo theolela hodima dithalo, ka diphate, ba mo theolela hara Jesu.
Ka hosasane, ha ba ntse ba le leetong, ba se ba atametse motse, Petrose a nyolohela hodima ntlo ho ya rapela, hoo e ka bang ka hora ya botshelela.