Mattheu 24:15 - Baasraak Sotho NT Etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme nqalong e halalelang, ya balang a ke a utlwisise. Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme nqalong e halalelang — ya balang a lemohe! — BIBELE “Ha le bona Manyala a Tshenyeho a eme Sebakeng se halalelang, kamoo ho ileng ha bolelwa kateng ke moporofeta Daniele, mmadi a utlwisise se bolelwang! Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme nqalong e halalelang, ya balang a ke a utlwisise. |
Empa etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme moo a sa tshwanelang, ya balang a utlwisise, mohlang oo ba leng Judea ba balehele dithabeng.
Hobane matsatsi a tla o fihlela, ao dira tsa hao di tla o teela hare, di o teele hare, di o thibelle ka nqa tsohle;
Etlare ha le bona Jerusalema e teetswe hare ke makgotla a makgotla, le tsebe hoba tshenyeho ya yona e haufi.
Haeba re mo tlohela jwalo, bohle ba tla dumela ho yena, mme Baroma ba tla tla, ba nke sebaka sa rona le setjhaba sa rona.
ba howa, ba re: Banna ba Iseraele, thusang: Enwa ke yena monna ya rutang batho bohle kahohle tse lwantshang setjhaba, le molao, le nqalo ena, a bile a kenya Bagerike tempeleng, mme o silafaditse nqalo ena e halalelang.
Ba emisa dipaki tsa bohata tse itseng: “Monna enwa ha a phetse ho bua mantswe a nyefolang nqalo ena e halalelang le Molao.
Ka baka leo, e ka kgona re ele ditaba tseo re di utlwileng hloko haholo, esere ra ba ra thella.
Ho lehlohonolo ya balang, le ba utlwang mantswe a boporofeta bona, ba bolokang tse ngodilweng teng;