Empa ke re ho lona: Ho tla ba bonolo bakeng sa lefatshe la Sodoma ka letsatsi la kahlolo ho feta bakeng sa hao.
Mattheu 23:14 - Baasraak Sotho NT Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le metsa matlo a bahlolohadi, mme ka boikaketsi le etsa thapelo e telele; Sesotho 1909/1961 (SO) Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le metsa matlo a basadi ba bahlolohadi, ka ho re, le ba etsetsa merapelo e melelele; ka baka leo, le tla ahlolwa ka kahlolo e fetisisang. BIBELE Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le hapa matlo a bahlolohadi, le etsa dithapelo tse telele ka boikaketsi; ka baka lena le tla ahlolwa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le metsa matlo a bahlolohadi, mme ka boikaketsi le etsa thapelo e telele; |
Empa ke re ho lona: Ho tla ba bonolo bakeng sa lefatshe la Sodoma ka letsatsi la kahlolo ho feta bakeng sa hao.
Empa ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo;
Empa ya sa kang a tseba, mme a etsa tse lokelwang ke kotlo, o tla otlwa hanyenyane. Hobane e mong le e mong ya neilweng ho hongata, ho tla batloa ho hongata ho yena;
Hobane ho ba jwalo ho teng ba kgebellang matlung, ba isang kgolehong basadi ba mawatla ba imetsweng ke dibe, ba hohilweng ke ditakatso tsa mefutafuta.
Hobane ho na le ba bangata ba sa laoleheng, ba buang mafeela, le bathetsi, haholoholo ba lebollo.
Bana beso, le se ke la ba baruti ba bangata, le ntse le tseba hobane re tla fumana kahlolo e fetisang ka boholo.
Ba na le mahlo a tletseng bofebe, ba ke keng ba kgaotsa sebe; ba kgelosang meya e sa tsitsang: pelo e tlwaetseng ho chacheha ka mohono; bana ba rohakiloeng: