Mattheu 21:30 - Baasraak Sotho NT A tla ho wa bobedi, a bua jwalo. Yena a araba, a re: Ke ya, monghadi; Sesotho 1909/1961 (SO) A ya ho wa bobedi, le ho yena a rialo, mme eo a mo araba, a re: Ke a ya, morena. Empa a se ke a ya. BIBELE “A ya ho wa bobedi, a bua jwaloka ho wa pele. Yena a araba, a re: ‘E, ntate, ke tla ya,’ empa a se ke a ya. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A tla ho wa bobedi, a bua jwalo. Yena a araba, a re: Ke ya, monghadi; |
Ke ofe ho ba babedi bao ya entseng thato ya ntatae? Ba re ho yena: Wa pele. Jesu a re ho bona: Kannete ke re ho lona: balekgetho le diotswa ba le etella pele ho kena mmusong wa Modimo.
Ka baka leo, le boloke, mme le etse tsohle tseo ba le bolellang tsona; empa le se ke la etsa ka diketso tsa bona;
Ba bolela hore ba tseba Modimo; empa ba mo latola ka mesebetsi, e le ba manyala, ba hanang ho utlwa, le mesebetsing yohle e molemo, ba sa amohelwe.