Empa le nahana jwang? Monna e mong o ne a ena le bara ba babedi; mme a tla ho wa pele, a re: Mora, eya ho sebetsa tshimong ya ka ya merara kajeno.
Mattheu 21:29 - Baasraak Sotho NT Yena a araba, a re: Ha ke rate; empa hamorao a baka, a ikela. Sesotho 1909/1961 (SO) Eo a araba, a re: Ke a hana. Empa hamorao, a baka, a ya. BIBELE “A araba, a re: ‘Ke a hana!’ Empa hamorao a ikwahlaya, a ya. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yena a araba, a re: Ha ke rate; empa hamorao a baka, a ikela. |
Empa le nahana jwang? Monna e mong o ne a ena le bara ba babedi; mme a tla ho wa pele, a re: Mora, eya ho sebetsa tshimong ya ka ya merara kajeno.
Ke ofe ho ba babedi bao ya entseng thato ya ntatae? Ba re ho yena: Wa pele. Jesu a re ho bona: Kannete ke re ho lona: balekgetho le diotswa ba le etella pele ho kena mmusong wa Modimo.
Empa ke ile ka qala ka ho bolella ba Damaseka, le ba Jerusalema, le naheng yohle ya Judea, le ho baditjhaba, hore ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba etse mesebetsi e tshwanelang pako.
Ba bang ba lona ba ne ba le jwalo, empa le hlatswitswe, empa le halaleditswe, le beilwe ba lokileng ka lebitso la Morena Jesu Kreste le ka Moya wa Modimo wa rona.