Empa le ne le ile ho bonang? Moprofeta? ee, ke a le bolella, ya fetisang le moporofeta.
Mattheu 21:26 - Baasraak Sotho NT Empa ha re ka re: E ne e tswa bathong; re tshaba batho; hobane bohle ba re Johanne ke moporofeta. Sesotho 1909/1961 (SO) Mme ha re ka re: E ne e tswa bathong, re tshaba bongata, hobane bohle ba re: Johanne ke moporofeta. BIBELE Empa ha re ka re e ne e etswa bathong, re tshaba letshwele lena, hobane bohle ba tadima Johanne e le moporofeta.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ha re ka re: E ne e tswa bathong; re tshaba batho; hobane bohle ba re Johanne ke moporofeta. |
Empa le ne le ile ho bonang? Moprofeta? ee, ke a le bolella, ya fetisang le moporofeta.
Eitse ha a rata ho mmolaya, a tshaba letshwele, kahobane le ne le mo nka e le moporofeta.
Kolobetso ya Johanne e ne e tswa kae? lehodimong, kapa ho batho? Mme ba eletsana, ba re: Ha re ka re: E ne e etswa lehodimong; o tla re ho rona: Ke ka baka lang ha le sa ka la mo dumela?
Ba araba Jesu, ba re: Ha re tsebe. A re ho bona: Le nna ha ke le bolelle matla ao ke etsang ntho tseo ka wona.
Empa yare ha ba batla ho mo tshwara, ba tshaba letshwele, hobane le ne le mo nka e le moporofeta.
Empa ha re ka re: E ne e etswa bathong; ba ne ba tshaba batho: hobane bohle ba ne ba lekantse Johanne hore ke moporofeta wa sebele.
Mme ba batla ho mo tshwara, empa ba tshaba bongata, kahobane ba ne ba tseba hobane o buile setshwantsho seo kgahlanong le bona; yaba ba mo tlohela, ba ikela.
Hobane Heroda o ne a tshaba Johanne, a tseba hobane ke monna ya lokileng, ya halalelang, mme a mo boloka. mme ha a mo utlwa, a etsa tse ngata, a mo utlwa ka thabo.
Mme baperesiti ba bagolo le Baitsedikwalo ba batla go mo tshwara ka yona nako eo; mme ba tshaba batho;
Empa ha re ka re: E ne e tswa bathong; batho bohle ba tla re tlepetsa ka majwe: hobane ba kgodisehile hore Johanne e ne e le moporofeta.
Baprista ba baholo le bangodi ba ne ba batla kamoo ba ka mmolayang kateng; hobane ba ne ba tshaba setjhaba.
Yena e ne e le lesedi le tukang, le kganyang, mme lona le ne le ratile ho thabela lesedi la hae ka nako e itseng.
Jwale molaodi wa sekete a ya le bahlanka, ba ba tlisa, e se ka matla, hobane ba ne ba tshaba setjhaba, esere ba tlepetswa ka majwe.