Eitse ha a ntse a jala, peo e nngwe ya wela pela tsela, mme dinonyana tsa tla, tsa di ja.
Mattheu 20:30 - Baasraak Sotho NT Jwale, banna ba babedi ba difofu ba dutse pela tsela, ha ba utlwa hoba Jesu o a feta, ba howa, ba re: Morena, Mora Davida, re hauhele! Sesotho 1909/1961 (SO) Batho ba babedi ba foufetseng, ba dutseng pela tsela, ha ba utlwa hoba Jesu o a feta, ba howa, ba re: Morena, mora Davida, re utlwele bohloko! BIBELE Difofu tse pedi, tse neng di dutse pela tsela, ha di utlwa hore Jesu o a feta, tsa howa, tsa re: “Morena, Mora Davida, re hauhele!” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale, banna ba babedi ba difofu ba dutse pela tsela, ha ba utlwa hoba Jesu o a feta, ba howa, ba re: Morena, Mora Davida, re hauhele! |
Eitse ha a ntse a jala, peo e nngwe ya wela pela tsela, mme dinonyana tsa tla, tsa di ja.
Jwale, ha hlaha mosadi wa Mokanana, a etswa dibakeng tseo, a howeletsa ho yena, a re: Morena, Mora wa Davida, nkutlwele bohloko! morali oa ka o tšoenngoa hampe ke modemona.
Mme bongata ba ba kgalemela, hore ba homole; empa ba eketsa ho howa, ba re: Morena, Mora Davida, re utlwele bohloko!
Matshwele a eteletseng pele le a latelang a howa, a re: Hosanna ho Mora Davida! Hosanna mahodimong.
Ba fihla Jeriko, mme yare ha a etswa Jeriko le barutuwa ba hae le bongata bo boholo, mora Timea, Baratimea wa sefofu, o ne a dutse pela mmila, a kopa.
Moya wa Morena o hodima ka, hobane o ntlotseditse ho bolella mafutsana Evangeli; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba holehilweng tokoloho, le difofu hore di boele di bone, le ho lokolla ba hateletsweng.
Ka yona nako eo a fodisa ba bangata malwetseng, le dikotlo, le meya e mebe; mme difofu tse ngata a di nea pono.
Ka baka leo, kaha e ne e le moporofeta, mme a tseba hore Modimo o ne a mo hlapanyeditse ka nama, hore o ne a tla hlahisa Kreste teroneng ya hae ka tholwana ya letheka la hae;