Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 20:30 - BIBELE

30 Difofu tse pedi, tse neng di dutse pela tsela, ha di utlwa hore Jesu o a feta, tsa howa, tsa re: “Morena, Mora Davida, re hauhele!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Batho ba babedi ba foufetseng, ba dutseng pela tsela, ha ba utlwa hoba Jesu o a feta, ba howa, ba re: Morena, mora Davida, re utlwele bohloko!

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

30 Jwale, banna ba babedi ba difofu ba dutse pela tsela, ha ba utlwa hoba Jesu o a feta, ba howa, ba re: Morena, Mora Davida, re hauhele!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Jwale, banna ba babedi ba difofu ba dutse pela tsela, ha ba utlwa hoba Jesu o a feta, ba howa, ba re: Morena, Mora Davida, re hauhele!

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 20:30
21 Referencias Cruzadas  

Morena o tutubolla mahlo a difofu. Morena o phahamisa ba kgokgopaneng; Morena o rata ba lokileng.


Ka tsatsi leo, bo-tutu ba tla utlwa polelo tsa buka, leha difofu di le lefifing, di le botshong, mahlo a tsona a tla bona.


Ke tla tsamaisa difofu ka tsela eo di sa e tsebeng, ke di tataise tseleng eo di sa e tlwaelang; lefifi ke tla le fetola lesedi kapele ho tsona, ke batalatse baka tse makukuno. Tsena ke ntho tseo ke tla di etsa, mme ha nka ke ka tlohela ho di etsa.


“Mamelang, lona bo-tsebetutu! Tadimang le bone, lona difofu!


Re phopholetsa mabota jwaloka batho ba difofu, re phopholetsa tsela jwalokaha eka ha re na mahlo, re kgothometseha hara motsheare wa lengeta jwalokaha eka ke ka shwalane; hara ba phelang rona re jwaloka bafu.


Ha a ntsa jala, peo e nngwe ya wela ka tseleng, mme dinonyana tsa tla, tsa e ja.


Yaba mosadi wa Mokanana, ya tswang teng, o tla a howa, a re: “Morena, Mora Davida, nkutlwele bohloko! Moradi wa ka o tshwenngwa hampe ke modemona.”


Letshwele la di kgalemela hore di thole, empa tsa eketsa tsa howa, tsa re: “Morena, Mora Davida, re hauhele!”


Jwale difofu le diritsa tsa tla ho yena ka Tempeleng, mme a di fodisa.


Matshwele a neng a mo eteletse pele, le a neng a etla kamorao a howa, a re: “Hosanna ho Mora wa Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!”


“Le reng ka Kreste? Ke mora wa mang?” Ba re ho yena: “Wa Davida.”


Ba fihla Jeriko. Ha Jesu a tloha Jeriko le barutuwa ba hae le letshwele, sefofu Baretimea, mora Timea, o ne a dutse pela tsela a ntsa kopa.


“Moya wa Morena o hodima ka hobane a ntlotseditse ho bolella mafutsana molaetsa o molemo, o nthometse ho phatlalletsa bathopuwa tsa tokoloho, le difofu hore di tla tutuboloha, le ho lokolla ba hateletsweng,


Ka nako yona eo o ne a fodisa ba bangata malwetseng, mahlokong le meyeng e mebe, a tutubolla difofu tse ngata.


Empa kaha e ne e le moporofeta, mme a tseba hore Modimo o mo hlapanyeditse, hore ka peo ya letheka la hae, o tla hlahisa ya tla dula setulo sa hae sa borena,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos