Mattheu 20:26 - Baasraak Sotho NT Empa ho se ke ha eba jwalo hara lona; Sesotho 1909/1961 (SO) Ho se ke ha eba jwalo ho lona; empa mang le mang ya ratang ho ba moholo hara lona, e ke e be mohlanka wa lona; BIBELE Empa ha ho na ho ba jwalo ho lona; ya batlang ho ba e moholo hara lona; e tla ba mosebeletsi wa lona, Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ho se ke ha eba jwalo hara lona; |
Jwale le bona ba tla mo araba, ba re: Morena, ke neng re ileng ra o bona o lapile, kapa o nyorilwe, kapa o le moeti, kapa o hlobotse, kapa o kula, kapa o le teronkong, mme ra se ke ra o sebeletsa?
Mme basadi ba bangata ba ne ba le teng moo, ba tadimile ba le hole, ba neng ba latetse Jesu ha a etswa Galelea, ba mo sebeletsa.
Hobane le Mora Motho ha a ka a tlela ho sebeletswa, empa e le ho sebeletsa, le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata.
Yaba o dula fatshe, a bitsa ba leshome le metso e mmedi, a re ho bona: Ekare ha motho a rata ho ba wa pele, e tla ba wa morao ho bohle, le mohlanka wa bohle.
Ke a le bolella, monna enwa o theohetse tlung ya hae a lokile ho fetisa e mong; mme ya ikokobetsang o tla hodiswa.
Empa e moholo hara lona a ke a be jwaloka e monyenyane; mme e moholo a be jwaloka ya sebeletsang.
Eseng hore re rena hodima tumelo ya lona, empa re le bathusi ba thabo ya lona, hobane le eme ka tumelo.
eo ke neng ke rata ho mo sala le nna, hore a tle a ntshebeletse bakeng sa hao ditlamong tsa Evangeli;
Na kaofela hase meya e sebeletsang, e rometsweng ho sebeletsa bao e tla ba majalefa a poloko?
E mong ha a bua, a bue jwalokaha e le dipolelo tsa Modimo; ekare ha motho a sebeletsa, a e sebeletse ka matla ao Modimo a fanang ka wona, hore Modimo o tle o tlotliswe nthong tsohle ka Jesu Kreste, eo poko le matla a hae e leng tsa kamehla le mehla. Amen.
Ka bona mosadi a tahilwe ke madi a bahalaledi, le ke madi a dipaki tsa Jesu; mme yare ha ke mmona, ka makala haholo.