La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 20:2 - Baasraak Sotho NT

Eitse hobane a dumellane le basebetsi ka denare ka letsatsi, a ba romela tshimong ya hae ya merara.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Yare ha a dumellane le balemi hore moputso wa tsatsi le le leng e tla ba tjhelete ya denare, a ba romela tshimong ya hae ya merara.

Ver Capítulo

BIBELE

Hoba a dumellane le basebetsi hore moputso e tla ba denare ka letsatsi, a ba romela tshimong ya hae ya morara.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Eitse hobane a dumellane le basebetsi ka denare ka letsatsi, a ba romela tshimong ya hae ya merara.

Ver Capítulo



Mattheu 20:2
24 Referencias Cruzadas  

Empa mohlanka eo, ha a etswa, a fumana e mong wa bahlanka ka yena, ya neng a mo kolota didenari tse lekgolo;


Hobane mmuso wa mahodimo o tshwana le monga ntlo, ya ileng a tswa e sa le kameso ho ya thapa basebetsi tshimong ya hae ya merara.


Empa a araba e mong wa bona, a re: Motswalle, ha ke o fose; na ha o a dumellana le nna ka denare?


A tswa hoo e ka bang ka hora ya boraro, a bona ba bang ba eme lepatlelong la motse, ba sa etse letho.


Eitse ha ba etla ka hora ya leshome le motso o mong, e mong le e mong a amohela denare.


Mpontše chelete ea lekhetho. Yaba ba mo tlisetsa denare.


A ntoo re ho barutuwa ba hae: Kotulo e kgolo, empa basebetsi ha ba bakae;


Na re fane, kapa re se ke ra fana? Empa yena, ka ho tseba boikaketsi ba bona, a re ho bona: Le ntekelang? Ntlisetseng denari, ke tle ke e bone.


Hobane o tla ba moholo mahlong a Morena, mme a ke ke a nwa veine kapa seno se tahang; mme o tla tlala Moya o Halalelang ho tloha popelong ya mmae.


Ka hosasane, ha a tloha, a ntsha didenari tse pedi, a di nea monga ntlo, a re ho yena: Mo hlokomele; mme seo o tla se ntsha ho feta moo, ke tla o buseletsa mohla ke kgutlang.


Mpontsheng denare. E na le setšoantšo le mongolo oa mang? Ba araba, ba re: Tsa Sesare.


Le hore ho tloha boseeng o tsebile Mangolo a halalelang, a ka kgonang ho o hlalefisetsa pholoho ka tumelo e ho Kreste Jesu.


Ka utlwa lentswe le le mahareng a dibopuwa tse phelang tse nne, le re: Kgala ya koro ka denare, le tekanyo tse tharo tsa harese ka denare; mme o se ke wa senya ole le veine.