A ba bolella setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwantshwa le motho ya ileng a jala peo e ntle tshimong ya hae.
Mattheu 20:1 - Baasraak Sotho NT Hobane mmuso wa mahodimo o tshwana le monga ntlo, ya ileng a tswa e sa le kameso ho ya thapa basebetsi tshimong ya hae ya merara. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane mmuso wa mahodimo o tshwana le mong a ntlo ya tswileng e sa le kameso, ho memela tshimo ya hae ya merara balemi. BIBELE “Mmuso wa mahodimo o tshwana le monga tshimo ya ileng a tsoha kameso ho ya batla batho ba tla sebetsa tshimong ya hae ya morara. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane mmuso wa mahodimo o tshwana le monga ntlo, ya ileng a tswa e sa le kameso ho ya thapa basebetsi tshimong ya hae ya merara. |
A ba bolella setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwantshwa le motho ya ileng a jala peo e ntle tshimong ya hae.
A ba bolella setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwana le tlhaku ya mosetareta, eo motho a e nkileng, a e jala tshimong ya hae.
A ba bolella setshwantsho se seng; Mmuso wa mahodimo o tshwana le tomoso, eo mosadi a e nkileng, a e pata ka tekanyong tse tharo tsa phofo, ya ba ya bela kaofela.
Hape, mmuso wa mahodimo o jwaloka letlooa le lahlelwang lewatleng, la bokella mefuta yohle ya mefuta.
Eitse hobane a dumellane le basebetsi ka denare ka letsatsi, a ba romela tshimong ya hae ya merara.
Empa le nahana jwang? Monna e mong o ne a ena le bara ba babedi; mme a tla ho wa pele, a re: Mora, eya ho sebetsa tshimong ya ka ya merara kajeno.
Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena!
Mohlang oo mmuso wa mahodimo o tla tshwantshwa le barwetsana ba leshome, ba nkileng mabone a bona, ba tswa ho ya kgahlanyetsa monyadi.
Hobane mmuso wa mahodimo o jwaloka motho ya etang, a bitsa bahlanka ba hae, a ba nea maruo a hae.
Hobane Mora Motho o jwaloka motho ya etang, ya ileng a siya ntlo ya hae, a nea bahlanka ba hae matla, e mong le e mong mosebetsi wa hae, a laela molebedi wa monyako hore a lebele.
Ka baka leo, banabeso ba ratwang, le tiye, le se ke la sisinyeha, le atlehise kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hore mosebetsi wa lona hase wa lefeela Moreneng.
a le etse ba phethehileng mesebetsing yohle e molemo, le tle le etse thato ya hae, a ntse a etsa ka ho lona se kgahlisang mahlong a wona, ka Jesu Kreste; ho yena e be kganya ka ho sa feleng! Amen.