Mattheu 19:19 - Baasraak Sotho NT Hlonepha ntatao le mmao, hape o re: O rate wa heno jwalokaha o ithata. Sesotho 1909/1961 (SO) o hlonephe ntatao le mmao, mme o rate wa heno jwalokaha o ithata. BIBELE hlompha ntatao le mmao, mme o rate wa heno jwalokaha o ithata.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hlonepha ntatao le mmao, hape o re: O rate wa heno jwalokaha o ithata. |
Yena a araba, a re: O tla rata Jehova, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle, le ka kgopolo ya hao yohle. le wa heno jwalokaha o ithata.
Hobane ke ho re: O se ke wa feba, o se ke wa bolaya, o se ke wa utswa, o se ke wa paka ka leshano, o se ke wa chacheha ka mohono; mme ekare ha ho le taelo e nngwe, e fumanwa ka bokgutshwane polelong ena e reng: Rata wa heno jwalokaha o ithata.
Hobane molao wohle o phethehile ka lentswe le le leng; U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.
Haeba le phethahatsa molao wa bokgosi ho ya ka Lengolo, o reng: Rata wa heno jwalokaha o ithata, le etsa hantle.