Ka nako eo Jesu a araba, a re: Ke a o leboha, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, kahobane taba tseo o di patetse ba bohlale le ba kelello, mme o di senoletse masea.
Mattheu 19:14 - Baasraak Sotho NT Jesu a re: Lesang bana, le se ke la ba thibela ho tla ho nna, hobane mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona. Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a re ho bona: Lesang bana, le se ke la ba thibela ho tla ho nna; hobane mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona. BIBELE Jesu a re: “Lesang bana ba tle ho nna. Le se ke la ba thibela ho tla ho nna, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a re: Lesang bana, le se ke la ba thibela ho tla ho nna, hobane mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona. |
Ka nako eo Jesu a araba, a re: Ke a o leboha, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, kahobane taba tseo o di patetse ba bohlale le ba kelello, mme o di senoletse masea.
A re: Kannete ke re ho lona: Ha le sa sokolohe, la ba jwaloka bana ba banyenyane, le ke ke la kena mmusong wa mahodimo.
Eitse ha Jesu a bona hoo, a halefa, a re ho bona: Lesang bana ba tle ho nna, le se ke la ba thibela, hobane mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.
Kannete ke re ho lona: E mong le e mong ya sa amoheleng mmuso wa Modimo jwaloka ngwana, a ke ke a kena teng.