Mattheu 19:13 - Baasraak Sotho NT Jwale ha tliswa ho yena bana ba banyenyane, hore a ba bee matsoho, mme a ba rapele; Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, ha tliswa ho Jesu bana, hore a ba bee matsoho, a ba rapelle; empa barutuwa ba kgalemela ba ba tlisang. BIBELE Yaba bana ba tliswa ho Jesu hore a ba bee matsoho, a ba rapelle, empa barutuwa ba kgalemela ba ba tlisang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale ha tliswa ho yena bana ba banyenyane, hore a ba bee matsoho, mme a ba rapele; |
Hobane ho na le maqhalaha a tswetsweng jwalo ho tloha popelong ya bomma bona; hape ho na le maqhalaha a entsweng maqhalaha ke batho, mme ho na le ba ikentseng maqhalaha ka baka la mmuso wa mahodimo. Ea khonang ho e amohela, a e amohele.
Mme bongata ba ba kgalemela, hore ba homole; empa ba eketsa ho howa, ba re: Morena, Mora Davida, re utlwele bohloko!
Hobane pallo ke ya lona, le bana ba lona, le bohle ba hole, bao Morena Modimo wa rona a tlang ho ba bitsa.
Hobane monna ya sa dumelang o halaletswa ho mosadi, le mosadi ya sa dumelang o halaletswa ho monna; empa jwale ba a halalela.