Mme ekare ha a ka e fumana, kannete ke a le bolella, o e thabela ho fetisa tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong tse sa lahlehang.
Mattheu 18:14 - Baasraak Sotho NT Ka mokgwa o jwalo hase thato ya Ntata lona ya mahodimong hore ho timele e mong wa ba banyenyane bana. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka mokgwa o jwalo; thato ya Ntata lona ya mahodimong, ke hore ho se ke ha timela le a mong wa ba banyenyane bana. BIBELE Ka mokgwa o jwalo, Ntata lona ya mahodimong ha a rate hore ho timele le ya mong wa ba banyenyane bana.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka mokgwa o jwalo hase thato ya Ntata lona ya mahodimong hore ho timele e mong wa ba banyenyane bana. |
Mme ekare ha a ka e fumana, kannete ke a le bolella, o e thabela ho fetisa tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong tse sa lahlehang.
Lesedi la lona a le kganyetse batho jwalo, hore ba tle ba bone mesebetsi ya lona e metle, mme ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.
Hobane ntho tseo tsohle baditjhaba ba di batla; hobane Ntata lona ya mahodimong o a tseba hore le hloka ntho tseo tsohle.
Ka baka leo, le rapele ka mokgwa ona: Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao le ke le kgethehe.
Enere ha ke sa na le bona lefatsheng, ka ba boloka ka lebitso la hao, bao o nneileng bona; hore Lengolo le tle le etsahale.
Eitse hobane ba je, Jesu a re ho Simone Petrose: Simone, mora Jona, a o nthata ho fetisa bana na? A re ho yena: E, Morena; o a tseba hobane ke a o rata. A re ho yena: Fepa dikonyana tsa ka.
Ka baka leo, ke mamella tsohle ka baka la bakgethwa, hore le bona ba tle ba fumane poloko e ho Jesu Kreste, le kganya e sa feleng.
Le etseditse maoto a lona ditsela tse otlolohileng, hore se hlotsang se tle se se ke sa kgoptjwa; empa ho mpe ho fole.
Morena ha a diehe mabapi le pallo ya hae, jwalokaha ba bang ba lekanya tieho; mme o pelotelele mo go rona, a sa eletse gore ope a swe, mme o rata gore botlhe ba fitlhe mo boikwatlhaong.