Mattheu 16:23 - Baasraak Sotho NT Empa yena a reteleha, a re ho Petrose: Tloha ho nna, Satane, o kgopiso ho nna, hobane ha o utlwe tsa Modimo, empa tsa batho. Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a reteleha, a re ho Petrose: Tloha ho nna, Satane, o kgopiso ho nna, hobane ha o utlwe tsa Modimo, o utlwa tsa batho feela. BIBELE Empa Jesu a retelehela ho Petrose, a re: “Tloha ho nna, Satane! O sekgopi ho nna, kahobane ha o hopole tsa Modimo, o hopola tsa botho!” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa yena a reteleha, a re ho Petrose: Tloha ho nna, Satane, o kgopiso ho nna, hobane ha o utlwe tsa Modimo, empa tsa batho. |
Ho madimabe lefatshe ka baka la dikgopiso! gonne dikgopiso di tshwanetse go tla; empa ho madimabe motho eo kgopiso e tlang ka yena!
Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.
Eitse ha a reteleha, a tadima barutuwa ba hae, a kgalemela Petrose, a re: Tloha ho nna, Satane, hobane ha o utlwe tsa Modimo, empa tsa batho.
Jesu a araba, a re ho yena: Tloha ho nna, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tla kgumamela Jehova, Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.
Jesu a ba araba, a re: Na ha ke a ka ka le kgethela lona ba leshome le metso e mmedi, athe e mong wa lona ke diabolosi?
Ho hotle ho se je nama, kapa ho se nwe veine, leha e le ntho efe kapa efe eo ngwaneno a ka kgopisang ka yona, kapa a kgoptjwa, kapa a fokola.
bao qetello ya bona e leng timelo, bao Modimo wa bona e leng mpa ya bona, le kganya ya bona e leng dihlong tsa bona, ba nahanang tsa lefatshe.