Mattheu 15:8 - Baasraak Sotho NT Setjhaba sena se nkatamela ka melomo ya sona, se ntlhonepha ka melomo ya sona; empa pelo tsa bona di hole le nna. Sesotho 1909/1961 (SO) Setjhaba sena se ntlhonepha ka molomo feela; empa pelo tsa bona li hole le nna. BIBELE “ ‘Setjhaba sena se ntlhompha ka melomo ya sona feela, empa dipelo tsa sona di hole le nna; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Setjhaba sena se nkatamela ka melomo ya sona, se ntlhonepha ka melomo ya sona; empa pelo tsa bona di hole le nna. |
A araba, a re ho bona: Esaia o na a porofetile hantle bakeng sa lona baikaketsi, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Setjhaba sena se ntlhonepha ka melomo feela, empa dipelo tsa bona di hole le nna.
Jesu a bona Nathanaele a etla ho yena, mme a bua ka yena, a re: “Bonang Moiseraele wa sebele, eo ho seng mano ho yena!
hore bohle ba hlomphe Mora, jwalokaha ba hlompha Ntate. Ya sa hlompheng Mora ha a hlomphe Ntate ya mo romileng.
Banabeso, iponeleng, esere mohlomong ho e mong wa lona ho ka ba le pelo e mpe ya ho se dumele, ya ho furalla Modimo o phelang.
Hobane ya ratang ho phela, le ho bona matsatsi a molemo, a a thibe leleme la hae bobeng, le molomo wa hae hore o se ke wa bua leshano.