Yaba o laela bongata hore bo dule hodima jwang, a nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala lehodimong, a boka, a ngwatha, a nea barutuwa ba hae mahobe, mme barutuwa ba abela matshwele.
Mattheu 15:36 - Baasraak Sotho NT A nka mahobe a supileng le dihlapi, a leboha, a di ngwatha, a di nea barutuwa ba hae, barutuwa ba abela matshwele. Sesotho 1909/1961 (SO) Yare hobane a nke mahobe ao a supileng le dihlapi, a a ngwatha, ha a se a lebohile, a nea barutuwa ba hae, mme barutuwa ba abela bongata. BIBELE a nka dinkgwa tse supileng le ditlhatswana; a leboha Modimo, yaba o a ngwatha, o nea barutuwa ba hae, mme bona ba abela matshwele. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A nka mahobe a supileng le dihlapi, a leboha, a di ngwatha, a di nea barutuwa ba hae, barutuwa ba abela matshwele. |
Yaba o laela bongata hore bo dule hodima jwang, a nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala lehodimong, a boka, a ngwatha, a nea barutuwa ba hae mahobe, mme barutuwa ba abela matshwele.
A nka bohobe, a leboha, a bo ngwatha, a ba nea bona, a re: Sena se bolela mmele wa ka o newang bakeng sa lona.
Jesu a nka mahobe; eitse hobane a lebohe, a abela ba dutseng; le dihlapi ka mokgwa o jwalo, kamoo ba ratang kateng.
(Leha ho le jwalo, ho ile ha fihla dikepe tse ding tse tswang Tiberiase, haufi le moo ba jeleng bohobe, ka mora hore Morena a lebohe.)
Hoba a rialo, a nka bohobe, mme a leboha Modimo pontsheng ya bona kaofela, mme ha a bo ngwatha, a qala ho ja.
Ya hlomphang letsatsi, o le hlompha ka baka la Morena; mme ya sa hlompheng letsatsi, ha a le hlomphe ka baka la Morena. Ea jang o jela Morena, hobane o leboha Molimo; mme ya sa jeng ha a je ka baka la Morena, mme o leboha Modimo.
Ka baka leo, leha le eja, leha le enwa, leha le etsa eng kapa eng, le etse tsohle ho tlotlisa Modimo.
Ho seng jwalo, ha o boka ka moya, ya dutseng tlung ya motho ya sa rutehang o tla re jwang “Amen” tebohong ya hao, athe ha a utlwisise seo o se bolelang?