Matshwele a maholo a phuthehela ho yena, hoo a bileng a kena sekepeng, a dula; mme letshwele lohle la ema lebopong la lewatle.
Mattheu 15:29 - Baasraak Sotho NT Jesu a tloha teng, a tla pela lewatle la Galelea; a nyolohela thabeng, a dula teng. Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a tloha teng, a atamela lewatle la Galelea, mme eitse hobane a nyolohele thabeng, a dula teng. BIBELE Hoba Jesu a tlohe sebakeng seo, a nka tsela e tsamayang pela letsha la Galelea, a nyolohela thabeng, a dula teng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a tloha teng, a tla pela lewatle la Galelea; a nyolohela thabeng, a dula teng. |
Matshwele a maholo a phuthehela ho yena, hoo a bileng a kena sekepeng, a dula; mme letshwele lohle la ema lebopong la lewatle.
Eitse ha Jesu a tsamaya pela lewatle la Galelea, a bona bana ba motho ba babedi, Simone ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo, ba akgela letlowa lewatleng;
Yare ha a bona matshwele, a nyolohela thabeng; mme ha a dutse, barutuwa ba hae ba tla ho yena.
Yare ha a tsamaya pela lewatle la Galelea, a bona Simone le Andrease, ngwanabo, ba akgela letlowa lewatleng, hobane e ne e le batshwasi ba ditlhapi.
Yare ha bongata bo ntse bo mo poteleditse ho utlwa lentswe la Modimo, a ema lebopong la letsha la Genesaretha.
Kamora tseo, Jesu a boela a iponahatsa ho barutuwa ba hae pela lewatle la Tiberiase; mme a iponahatsa ka tsela ena.
(Leha ho le jwalo, ho ile ha fihla dikepe tse ding tse tswang Tiberiase, haufi le moo ba jeleng bohobe, ka mora hore Morena a lebohe.)