Eitse ha Johanne a le teronkong, a utlwa mesebetsi ya Kreste, a roma barutuwa ba hae ba babedi.
Mattheu 14:3 - Baasraak Sotho NT Hobane Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, a mo kenya teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filipi, ngwanabo. Sesotho 1909/1961 (SO) Efela Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, a mo kenya teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filippi moenae. BIBELE Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, mme a mo kenya tjhankaneng ka baka la Herodiase, mohatsa moena hae Filipi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, a mo kenya teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filipi, ngwanabo. |
Eitse ha Johanne a le teronkong, a utlwa mesebetsi ya Kreste, a roma barutuwa ba hae ba babedi.
Empa ha ho ketekwa letsatsi la tswalo ya Heroda, moradi wa Herodiase a tjeka pela bona, a kgahlisa Heroda.
Morena Heroda a utlwa taba tsa hae; (hobane lebitso la hae le ne le tumile) mme a re: Johanne Mokolobetsi o tsohile bafung, mme ke ka baka leo mesebetsi e matla e bonahalang ho yena.
Hobane Heroda ka boeena o ne a romile hore a tshware Johanne, mme a mo tlama tjhankaneng ka baka la Herodiase, mosadi wa Filipi ngwanabo, kaha o ne a mo nyetse.
Yare ha moradi wa Herodiase a kena, a tjeka, mme a kgahlisa Heroda le ba dutseng le yena, morena a re ho morwetsana: Nkope seo o se batlang, mme ke tla o fa sona.
Ka yona nako eo, ho ne ho le teng ba bang ba mmolellang tsa Bagalelea, bao Pilato a neng a tswakile madi a bona le mahlabelo a bona.
Ka lona letsatsi leo, ha tla bafarisi ba bang, ba re ho yena: Tloha, o tlohe mona, hobane Heroda o batla ho o bolaya.
Yaba Heroda le bahlabani ba hae ba mo nyedisa, ba mo soma, ba mo apesa seaparo se setle, mme ba mo kgutlisetsa ho Pilato.
Yare ha a tseba hore ke wa mmuso wa Heroda, a mo romela ho Heroda, eo le yena a neng a le Jerusalema mehleng eo.
Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Sesare Tiberiuse, Ponse Pilato e le mmusisi wa Judea, Heroda e le moteterareke wa Galelea, Filipi ngwanabo e le moteterareke wa Iturea le wa Terakonite, Lysaniase e le moteterareke wa Abilene,
le Johanna, mosadi wa Kusa, qhoku ya Heroda, le Susanna, le ba bang ba bangata, ba neng ba mo sebeletsa ka maruo a bona.
Hobane kannete Heroda, le Ponse Pilato, le baditjhaba, le setjhaba sa Iseraele, ba bokanetse Jesu, Mora wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng;