Jwale Jesu a tla le bona nqalong e bitswang Gethesemane, a re ho barutuwa: Dulang mona, ke sa ya rapela mono.
Mattheu 14:23 - Baasraak Sotho NT Eitse hobane a phatlalatse matshwele, a nyolohela thabeng a le mong ho ya rapela; Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse hobane a kgutlise matshwele, a nyolohela thabeng ho ya rapela kathoko; a phirimelwa a sa le hona teng a nnotshi. BIBELE Hoba a a qhale, a nyolohela thabeng ho ya rapela boinotshing, ha ba ha phirima a ntse a le mong hona moo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse hobane a phatlalatse matshwele, a nyolohela thabeng a le mong ho ya rapela; |
Jwale Jesu a tla le bona nqalong e bitswang Gethesemane, a re ho barutuwa: Dulang mona, ke sa ya rapela mono.
Empa wena, ha o rapela, kena ka phaposing ya hao e ka hare, mme ha o kwetse monyako wa hao, o rapele Ntatao ya sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa.
Hosasane, ha e se e le kameso, a tsoha, a tswa, a ikela nqalong e se nang batho, a rapela teng.
Yare ha batho bohle ba kolobetswa, ha etsahala hore Jesu le yena a kolobetswe, mme a rapela, lehodimo la buleha.
Matsatsing ao, a tswela thabeng ho ya rapela, mme a hlola bosiu bohle ho rapela Modimo.
Eitse ha a ntse a rapela a le mong, barutuwa ba hae ba na le yena, mme a ba botsa, a re: Letshwele le re ke mang?
Eitse matsatsi a ka bang robedi kamora dipolelo tseo, a nka Petrose le Johanne le Jakobo, a nyolohela thabeng ho ya rapela.