Mattheu 14:15 - Baasraak Sotho NT Eitse ha e se e le mantsiboya, barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: Mona ke nahathothe, mme nako e se e ile; lesa bongata bo tsamaye, ba ye metsaneng, ba ithekele dijo. Sesotho 1909/1961 (SO) Yare mantsiboya, barutuwa ba hae ba mo atamela, ba re: Mona ke feelleng, le letsatsi le se le ile; o ke o kgutlise bongata, bo ikele metsaneng ho ithekela dijo. BIBELE Ha ho phirima, barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: “Mona ke nahathothe, mme nako e se e ile; lokolla batho bana, ba tle ba yo ithekela dijo metseng.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha e se e le mantsiboya, barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: Mona ke nahathothe, mme nako e se e ile; lesa bongata bo tsamaye, ba ye metsaneng, ba ithekele dijo. |
Yare ha Jesu a etswa, a bona letshwelehadi, a le utlwela bohloko, mme a fodisa ba kulang ba lona.
Empa a se ke a mo araba letho. Barutuwa ba hae ba tla, ba mo rapela, ba re: Mo leleke; hobane o lla ka mora rona.
Ekare ha ke ba kgutlisetsa matlung a bona ba lapile, ba tla kgathala tseleng; hobane ba bang ba bona ba tswa hole.
Eitse ha letsatsi le se le rapama, ba leshome le metso e mmedi ba tla, ba re ho yena: “E-re matshwele a tsamaye, hore a ye metsaneng le metsaneng e ka mathoko, mme a fumane dijo, hobane mona re lehwatateng. sebaka.